Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 21:15 - BIBELE

15 Setjhaba sa itshwabela ka baka la ba morabe wa Benjamine, hobane Morena o ne a hlahisitse sekgeo hara merabe ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Setjhaba sa nna sa swabela Babenjamine, kahobane Jehova a entse sekgeo melokong ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 21:15
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a tshwenyeha haholo, hobane Morena o ne a bolaile Usa; ka baka leo, yaba sebaka seo se rewa lebitso la Kotlo ya Usa, mme le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo.


Kahobane ha e a ka ya tliswa ke lona ka lekgetlo la pele, Morena Modimo wa Iseraele, o ile a re halefela, hobane re ne re sa ka ra mo hlompha ka mokgwa o tshwanetseng.”


bokgopo bona bo tla ka lerako le phahameng, le seng le petsohile, le hlephile, le helehang ka ho panya ha ntshi.


Bara ba hao ba tla tsosa thako tsa hao tsa kgale, o hahe hodima metheo ya baholoholo ba hao. Wena o tla bitswa Motsosi wa marako a helehileng, o bitswe Molokisi wa ditsela le matlo.”


Ka yona nako eo ba morabe wa Benjamine ba kgutla. Baiseraele ba ba nea basadi bao ba ileng ba ba pholosa hara basadi ba Jabeshe-Gileade, empa basadi bao ba se ke ba ba lekana.


Jwale baholo ba setjhaba ba re: “Baa ba setseng re tla ba fumanela basadi kae, ha e le moo basadi ba bolailwe morabeng wa Benjamine?”


Yaba ba re: “Bana ba phonyohileng e be lefa la ba morabe wa Benjamine, e le hore morabe ona o se ke wa fela naheng ya Iseraele.


Bana ba Iseraele ba itshwabela ka baka la bana babo bona ba morabe wa Benjamine, ba re: “Kajeno morabe o mong o fedisitswe naheng ya Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ