Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 21:12 - BIBELE

12 Hara baahi ba Jabeshe-Gileade ba fumana barwetsana ba makgolo a mane ba neng ba eso ka ba robala le monna; yaba ba ba isa diahelong tsa Shilo, e naheng ya Kanana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba ya, mme hara ba ahileng Jabeshe-Gileade ba fumana barwetsana ba makgolo a mane, ba esong ho tsebe monna ka ho robala le yena, mme ba ba tlisa diahelong, Silo, naheng ya Kanana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 21:12
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o furalla Leaho la hae la Shilo, e leng tente eo a neng a e hlomile, a e hlomile hara batho.


“ ‘Hona jwale eyang sebakeng sa ka se Shilo, moo ke neng ke qale ho etsetsa Lebitso la ka Leaho teng, le bone seo ke neng ke se etse sebakeng seo ka baka la bokgopo ba setjhaba sa ka sa Iseraele.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.


Setjhaba sa Iseraele sa nyolohela Bethele, ho fumana keletso ya Modimo, mme sa re: “Ke bafe ho rona ba tla futuhela bana ba Benjamine pele?” Morena a re: “Ho tla futuha Juda pele.”


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla ba le kapele ho Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba botsa Morena, ba re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine?” Morena a re: “Nyolohang le ba futuhele.”


Seo le tla se etsa ke sena: Monna e mong le e mong ya kileng a robala le mosadi, le mosadi e mong le e mong ya kileng a robala le monna, bao le ba bolaye ho hang.”


Setjhaba sohle sa romela maqosa ho ba morabe wa Benjamine, ba neng ba le lefikeng la Rimone, sa bua le bona, sa ba phatlalletsa kgotso.


Ba boela ba re: “Ke morabe ofe hara merabe ya Iseraele, o sa kang wa phuthehela Misepa ho Morena?” Ba bona hore ha ho motho le ya mong ya ileng a tla diahelong a etswa Jabeshe-Gileade, a etla phuthehong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ