Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 21:10 - BIBELE

10 Kahoo setjhaba sa romela banna ba bahale, ba dikete tse leshome le metso e mmedi, sa re: “Tsamayang le yo bolaya baahi ba Jabeshe-Gileade ka sabole; le bolaye basadi le bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha ho le jwalo, phutheho ya romela teng banna ba bahale ba dikete tse leshome le metso e mmedi, ba ba laela, ba re: Eyang, le bolaye ba ahileng Jabeshe-Gileade ka bohale ba lerumo, hammoho le bona basadi le bana ba banyenyane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 21:10
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo he, bolayang ngwana e mong le e mong e motona; le mosadi e mong le e mong ya kileng a robala le monna.


ruri o bolaye baahi ba motse oo ka sabole, o o timetse ho hang. Tsohle tse ka ho wona, le diphoofolo tsa wona, le tsona kaofela di bolawe ka sabole.


Jwale bo-Joshua le Baiseraele bohle ba nka Akane, mora wa Sera, le silefera, le seaparo, le setene sa kgauta, le bara ba hae, le baradi ba hae, le dikgomo tsa hae, le ditonki tsa hae, le dinku tsa hae, le tente ya hae, le tsohle tseo a neng a ena le tsona; ba di isa ka kgohlong ya Akore.


Bana ba Iseraele ba re: “Ke mang hara merabe ya Iseraele ya sa kang a tla phuthehong ya Morena?” Ke hobane ba ne ba entse kano e kgolo malebana le ya sa tlang phuthehong ya Morena, e neng e le Misepa, ba re: “Ruri o tla bolawa!”


Ba boela ba re: “Ke morabe ofe hara merabe ya Iseraele, o sa kang wa phuthehela Misepa ho Morena?” Ba bona hore ha ho motho le ya mong ya ileng a tla diahelong a etswa Jabeshe-Gileade, a etla phuthehong.


Setjhaba sa balwa, mme ba fumana ho se motho le ya mong wa baahi ba Jabeshe-Gileade.


“ ‘Rohaka Merose,’ ho rialo ngeloi la Morena, ‘O rohake, o rohake le baahi ba yona, hobane ha ba a ka ba thusa Morena, ha ba a ka ba thusa Morena direng tsa hae.’


Saule a nka dipholo tse pedi, a di kgaola dikotwana, a di romela hohle naheng ya Baiseraele ka maqosa, a re: “Mang kapa mang ya sa lateleng Saule, dipholo tsa hae di tla etswa tjena!” Morena a kenya setjhaba letswalo, mme sa tswa jwalokaha eka ke motho a le mong.


Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ