Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:6 - BIBELE

6 Ka nka setopo sa mosadi eo wa ka wa lefielo, ka se kgaola dikotwana, ka di romela naheng yohle eo Baiseraele ba e jeleng lefa, hobane Bagibea bao ba entse bohlola le manyala naheng ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka ba ka tshwara serethe sa ka, ka se poma dikoto, ka romela dikoto tsa sona naheng yohle ya lefa la Iseraele, ka ho re, ba Gibea ba entse molato le manyala Iseraeleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:6
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha bara ba Jakobo ba kgutla naheng, ba utlwa taba ena. Banna bana ba tlalwa ke dipelo, ba halefa haholo, hobane Shekeme o ne a tlisitse manyala Iseraeleng, ka ho beta moradi wa Jakobo, e leng ntho e sa tshwaneleng ho etswa.


“ ‘Le se ke la itshilafatsa ka dintho tsena tsohle, hobane ke ka tsona ditjhaba tseo ke di lelekileng kapele ho lona di ileng tsa itshilafatsa.


Ka baka leo, bolokang ditaelo tsa ka; le se ke la etsa tsohle tse manyala, tse neng di etswa le eso fihle, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”


Monna ya tla kgethwa, e leng ya nang le ntho e rohakehileng, o tla tjheswa ka mollo, yena le tsohle tseo a nang le tsona, hobane o robile selekane sa Morena, le hobane o entse ketso a dihlong setjhabeng sa Iseraele.’ ”


Yare ha ba ntse ba ithabisa, banna ba bang ba motse oo, ba kgopo, ba etsetsa ntlo eo sakanalankope, ba tulaka lemati, ba bua le monnamoholo, monga ntlo, ba re: “Ntsha monna ya fihletseng mona ha hao, re tlo mo ja maotwana!”


Monna eo, e leng monga ntlo, a tswela ho bona kantle, a re: “Wee, bana beso, ke a le rapela! Se keng la etsa bokgopo! Monna enwa ke moeti wa ka! Se keng la etsa ketso ena e hlabisang dihlong!


Ha a fihla ka tlung ya hae, a nka thipa, a tshwara setopo sa mosadi wa hae wa lefielo, a se nonyolla manonyeletso, a se etsa dikotwana tse leshome le metso e mmedi, yaba o di romela dinaheng tsohle tsa Baiseraele.


Merabeng yohle ya Iseraele re tla nka banna ba leshome ho ba lekgolo, ba lekgolo ho ba sekete, le ba sekete ho ba dikete tse leshome, ho ya batlela bahlabani dijo, e le hore ha ba fihla Gibea e naheng ya Benjamine, ba tle ba pheteletse manyala wohle ao banna ba Gibea ba a entseng naheng ya Iseraele.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ