Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:47 - BIBELE

47 Yaba banna ba makgolo a tsheletseng ba ileng ba phekgoha, ba balehela nqa lehwatateng, lefikeng la Rimone, ba dula teng ka dikgwedi tse nne.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Empa banna ba makgolo a tsheletseng ba kgeloha, ba balehela feelleng, lefikeng la Rimmone, mme ba dula lefikeng la Rimmone kgwedi tse nne.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:47
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoja Morena wa mabotho a se ka re siela mahlatsipa, re ka be re ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora!


Oho, Morena, leha re qoswa ke dibe tsa rona, ako re thuse ka baka la lebitso la hao. Re kgelohile haholo, re fela re o sitetswe!


Leha a tlisa maswabi, o utlwela bohloko, ka baka la boholo ba mehauhelo ya hae.


Morena, botumo ba hao ke bo utlwile, le yona mesebetsi ya hao ke a e tshaba, Morena. Ako e ntjhafatse mehleng ena ya rona, o etse hore e tsejwe bophelong ba rona, leha o halefile o nno hopole ho hauhela.


Naha yohle e tla ba lehwatata ho tloha Geba ho ya fihla Rimone, ka borwa ho Jerusalema. Empa Jerusalema e tla phahamiswa, e nne e be tulong tsa yona, e leng ho tloha Kgorong ya Benjamine ho ya fihla Kgorong ya Pele, le ho ya Kgorong ya Sekgutlo; le ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla ditlhotlelong tsa veine tsa kgosi.


Ka letsatsi leo ba bolaya ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ba hlometseng ka disabole. Banna bana bohle e ne e le bahale.


Baiseraele ba boela ba kgutlela ho ba morabe wa Benjamine, ba ba bolaya ka sabole, ba bolaya le bohle ba motseng, le diphoofolo, le tsohle tseo ba ileng ba di fumana. Metse yohle eo ba ileng ba fihla ho yona ba e tjhesa ka mollo.


Setjhaba sohle sa romela maqosa ho ba morabe wa Benjamine, ba neng ba le lefikeng la Rimone, sa bua le bona, sa ba phatlalletsa kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ