Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:46 - BIBELE

46 Ka letsatsi leo ba bolaya ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ba hlometseng ka disabole. Banna bana bohle e ne e le bahale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Bohle banna ba Benjamine ba bolailweng tsatsing leo ya eba banna ba kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ba pshemolang sabole, banna ba bahale kaofela ha bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:46
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka tsatsi leo, palo ya ba morabe wa Benjamine, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ntle ho banna ba motse wa Gibea, ba kgethilweng.


Morena a etsa hore Baiseraele ba hlole ba morabe wa Benjamine. Ka lona letsatsi leo Baiseraele ba bolaya banna ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano le lekgolo. Banna bana bohle e ne e le ba hlometseng ka disabole.


Ba morabe wa Benjamine ba balehela nqa lehwatateng, ho ya fihla lefikeng la Rimone. Ba dikete tse hlano Baiseraele ba ba bolaela mmileng o moholo. Ba ba bea merebele ho ya fihla Gidome, mme ho bao ba boela ba bolaya ba dikete tse pedi.


Yaba banna ba makgolo a tsheletseng ba ileng ba phekgoha, ba balehela nqa lehwatateng, lefikeng la Rimone, ba dula teng ka dikgwedi tse nne.


Saule a araba, a re: “Na nna ha ke wa morabe wa Benjamine, e leng o monyenyane haholo wa merabe ya Iseraele? Na lelapa leso hase lona le lenyenyane haholo la malapa a morabe wa Benjamine? Jwale ke ka baka lang ha o bua ntho e tjee ho nna?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ