Baahlodi 20:45 - BIBELE45 Ba morabe wa Benjamine ba balehela nqa lehwatateng, ho ya fihla lefikeng la Rimone. Ba dikete tse hlano Baiseraele ba ba bolaela mmileng o moholo. Ba ba bea merebele ho ya fihla Gidome, mme ho bao ba boela ba bolaya ba dikete tse pedi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)45 Ba setseng ba reteleha, mme ba balehela feelleng ho ya fihla lefikeng la Rimmone; ha mpa ha thonakwa ditseleng kete tse hlano tsa bona. Banna ba Iseraele ba ba lelekisa ho ya fihla Gidome, ba boela ba bolaya kete tse pedi tsa bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Naha yohle e tla ba lehwatata ho tloha Geba ho ya fihla Rimone, ka borwa ho Jerusalema. Empa Jerusalema e tla phahamiswa, e nne e be tulong tsa yona, e leng ho tloha Kgorong ya Benjamine ho ya fihla Kgorong ya Pele, le ho ya Kgorong ya Sekgutlo; le ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla ditlhotlelong tsa veine tsa kgosi.