Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:34 - BIBELE

34 Jwale bahlabani ba mokgetho wa Iseraele, ba dikete tse leshome, ba futuhela Gibea, ntwa ya eba e mahlomafubedu. Empa ba morabe wa Benjamine ba ne ba sa tsebe hore koduwa e haufi ho ba wela hodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Ke ha banna ba dikete tse leshome ba kgethilweng hara Baiseraele bohle ba hlaha pela Gibea, mme ntwa ya lwana hathata, Babenjamine ba mpa ba sa tsebe kotsi e ya ba hlahela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:34
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bophelo ba bona ba bo qeta ba atlehile, hanghang ba theohele Nqalong ya Bafu.


Sebe sa ya kgopo ke lemena ho yena, empa ya lokileng o bina a nyakaletse.


Tsela ya ba kgopo e ka fifi le letsho, ha ba tsebe se ba kgothometsang.


Hape ha ho motho ya tsebang hore na nako ya hae e tla tla neng: Jwalokaha tlhapi di tshwaswa ke tlowa le sehloho, kapa dinonyana di tshwaswa ke leraba, batho le bona ba tshwaswa ke nako tse mahlonoko, di ba tsometse ba sa lebella letho.


Kahoo o tla welwa ke koduwa hodimo, ha o na ho tseba le ho e upa; o tla welwa ke bomadimabe hodimo, o ke ke wa tseba ho bo qhelela thoko; timelo le yona e tla o wela hodimo, e o tsometse o sa ka wa tseba.


Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Ha kgosi ya Ai e bona mabotho ana, banna ba motse ba potlakela ho tsoha ka madungwadungwana, ba tswa motseng, ba futuhela Baiseraele: E le kgosi le banna bohle ba yona, mme ba ya thulana le Baiseraele motheong o lebang Araba. Empa kgosi e ne e sa tsebe hore mabotho a laletse kamorao ho motse.


Morena a etsa hore Baiseraele ba hlole ba morabe wa Benjamine. Ka lona letsatsi leo Baiseraele ba bolaya banna ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano le lekgolo. Banna bana bohle e ne e le ba hlometseng ka disabole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ