Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:25 - BIBELE

25 Ka lona letsatsi leo la bobedi, ba morabe wa Benjamine ba tswa Gibea, ba boela ba bolaya banna ba Iseraele ba dikete tse leshome le metso e robedi. Banna bana bohle e ne e le ba hlometseng ka disabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Babenjamine ba tswa Gibea ho ya ba kgahlanyetsa, e le la bobedi, mme ba bolaela fatshe ho bana ba Iseraele banna ba kete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:25
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”


“Benjamine ke phiri e harolakang, hoseng e kgetshela tse bolailweng, mantsiboya e arola kgapo ya yona.”


Maru a matshomatsho a mo teetse hare, ho loka le toka ke motheo, ke motheo wa terone ya hae.


“Wena Iseraele, haesale o etsa sebe, o se entse ho tloha mehleng ya Gibea, bofetohedi ba hao bo qala moo Gibea, hona moo Gibea ntwa e tla o kgaoletsa teng.


Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


Empa ha ho se loke ha rona ho totobatsa ho loka ha Modimo, re tla reng? Na Modimo ha a na toka ha a re otla? Ke bua ka mokgwa wa batho.


Ba morabe wa Benjamine ba tswa motseng wa Gibea. Ka lona letsatsi leo ba bolaya banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tsa bana ba Iseraele.


Ka letsatsi la bobedi bana ba Iseraele ba boela ba futuhela ba morabe wa Benjamine.


Jwale bana bohle ba Iseraele, le setjhaba sohle, ba nyolohela Bethele. Ba lla, mme ba dula kapele ho Morena. Ka letsatsi leo ba itima dijo ho fihlela ka phirimana. Ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso le ka dinyehelo tsa teboho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ