Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:18 - BIBELE

18 Setjhaba sa Iseraele sa nyolohela Bethele, ho fumana keletso ya Modimo, mme sa re: “Ke bafe ho rona ba tla futuhela bana ba Benjamine pele?” Morena a re: “Ho tla futuha Juda pele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:18
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme phutheho e halalelang. Phuthang maqheku le baahi bohle ba naha, ba phuthehele ka Tempeleng ya Morena, ya Morena Modimo wa rona: bohle ba meketso, ba ipiletse ho Morena.


O tla ema kapele ho moprista Eleasare, yena a mmotsetse diqeto tsa Morena, ka ho sebedisa lejwe la Urime. Ka taelo ya Joshua bana bohle ba Iseraele ba tla tswa, mme ba tla kgutla ba ena le yena, le setjhaba sohle.”


Moshe a bea taba ya bona kapele ho Morena.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.


Banna ba Baiseraele ba ngwatha mofao wa baeti, empa ba se ke ba batla keletso ya Morena.


Ka nako yohle, eo Tente ya Modimo e neng e le Shilo ka yona, ba kgumamela setshwantsho seo Mmika a iketseditseng sona.


Eo a re ho yena: “Re a feta, re tswa Betlelehema e Juda, re ya ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, moo e leng haeso. Ke ne ke ile Betlelehema e Juda; jwale ke ya tlung ya Morena, empa ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae.


Ntle ho ba morabe wa Benjamine, banna ba Baiseraele, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le dikete tse makgolo a mane. Banna bana bohle e ne e le bahlabani.


Bana ba Iseraele ba tsoha e sa le hoseng, ba fihla ba hloma pela Gibea.


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla ba le kapele ho Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba botsa Morena, ba re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine?” Morena a re: “Nyolohang le ba futuhele.”


Bonang, lona bana ba Iseraele, le mona bohle; rerisanang, le eletsane hona mona.”


“Ha o tloha moo o tswele pele, mme o tla fihla sefateng sa eike se Tabore. Teng o tla kopana le banna ba bararo, ba nyolohelang Bethele, ho ya kgumamela Modimo. E mong o tla be a nkile dipotsanyane tse tharo, e mong a nkile dinkgwa tse tharo, e mong a nkile lekuka la veine.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ