Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 20:17 - BIBELE

17 Ntle ho ba morabe wa Benjamine, banna ba Baiseraele, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le dikete tse makgolo a mane. Banna bana bohle e ne e le bahlabani.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Kantle ho Benjamine, banna ba Iseraele ha ba balwa, ya eba banna ba kete tse makgolo a mane, ba pshemolang sabole, banna ba ntwa kaofela ha bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 20:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Joabe a fihla a bolella kgosi Davida palo ya setjhaba. Baiseraele bohle, bao e neng e le matsholathebe, ba ne ba le mileone le dikete tse lekgolo. Ba morabe wa Juda ba ne ba le dikete tse makgolo a mane le mashome a supileng.


Bohle ba ileng ba balwa ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


Palo ya bana ba Iseraele ba badilweng e ne e le dikete tse makgolo a tsheletseng le motso o le mong le makgolo a supileng le mashome a mararo.


Banna bana bohle, ba kgethilweng, ba makgolo a supileng, e ne e le ba maqele. E mong le e mong wa bona o ne a ka betsa qoba ya moriri ka letjeketjane, mme a se ke a e fosa.


Setjhaba sa Iseraele sa nyolohela Bethele, ho fumana keletso ya Modimo, mme sa re: “Ke bafe ho rona ba tla futuhela bana ba Benjamine pele?” Morena a re: “Ho tla futuha Juda pele.”


Baetapele bohle ba setjhaba le ba merabe yohle ya Iseraele ba ba teng phuthehong ya setjhaba sa Modimo; e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a mane, ba hlometseng ka disabole.


Empa banna ba Iseraele ba tsoha molota, ba boela ba thea theko ya ntwa moo ba neng ba e theile teng ka letsatsi la pele.


Saule a ba bala ha ba le Beseke; bana ba Israele ba etsa dikete tse makgolo a mararo, mme banna ba Juda ba etsa dikete tse mashome a mararo.


Yaba Saule o bitsa setjhaba, mme o se bala se le Telaime. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a mabedi; ba morabe wa Juda e le banna ba dikete tse leshome.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ