Baahlodi 20:1 - BIBELE1 Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)1 Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha balaodi bohle ba mabotho, mmoho le bahlabani ba bona, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e kgethile Gedaleya hore e be mmusi, batho bana ba ya ho Gedaleya, a le Misepa: Ishemaele, mora wa Netaniya, le Johanane, mora wa Karea, le Seraya, mora wa Tanehumete wa Monetofa, le Jaasanea, mora wa monna ya ahileng Maaka; ba ya le bahlabani ba bona.