Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 2:21 - BIBELE

21 le nna, ho tloha jwale, ha ke sa tla hlola ke leleka ditjhaba tse kapele ho sona, tseo Joshua a ileng a di siya ha a eshwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 le nna, ha ke sa tla hlola ke leleka pela bona motho le a mong wa ditjhaba tseo Joshua a di siileng mohla a timelang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 2:21
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane ha ba a ka ba phetha melao ya ka, ba nyedisitse ditaelo tsa ka, ba silafatsa Disabatha tsa ka, ba sebeletsa medingwana ya bo-ntata bona ya bohata.


le hle le tsebe hore Morena Modimo wa lona, a ke ke a hlola a falatsa ditjhaba tsena kapele ho lona. Ditjhaba tseo e tla ba leraba le sefi ho lona, le phafa dikgopong tsa lona, le meutlwa ka mahlong a lona, ho fihlela le timela naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.


Ke le abetse naha ya ditjhaba tsena tse sa ntsaneng di setse, le ya ditjhaba tsohle tseo ke di ripitlileng ho tloha Jorodane, ho ya fihla Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela, hore e be lefa la lona.


Morena Modimo wa lona, ke yena ya tla di leleka, a di falatse kapele ho lona, mme naha ya tsona e be ya lona, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a le tshepisitse.


Hoba Joshua a shwe, bana ba Iseraele ba botsa Morena, ba re: “Ke mang ho rona ya tla futuhela Bakanana pele, a ba lwantshe?”


Ka baka leo, ke re: ‘Nke ke ka ba leleka kapele ho lona; e tla ba leraba ho lona, medimo ya bona e be sefi ho lona.’ ”


Tsena ke ditjhaba tseo Morena a ileng a di tlohela tsa sala hore a leke Baiseraele ka tsona, e leng ba bangata ba sa kang ba tseba dintwa tsohle tsa Kanana.


Ditjhaba tseo ke tsa marena a mahlano a Bafilesita, le Bakanana bohle, le Basidone, le Bahife, e leng baahi ba thaba ya Lebanone, ho tloha Baale-Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ