Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 2:20 - BIBELE

20 Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, mme a re: “Kaha setjhaba sena se robile selekane sa ka, seo ke se laetseng bo-ntata sona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ke ha kgalefo ya Jehova e tla tukela Baiseraele, a re: Haele moo setjhaba sena se sentse selekane seo ke se laetseng bontata bona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 2:20
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgalefo ya Morena ya boela ya tlokomela Baiseraele, mme Morena a hlohlelletsa Davida hore a tshwenye setjhaba, ka ho mo laela, a re: “Tsamaya, o yo bala setjhaba sa Iseraele le sa Juda.”


Morena a halefela setjhaba sa hae, a nyonya bao e leng lefa la hae.


Ha ba a ka ba boloka selekane, selekane sa Modimo, ba hana ho tsamaya ka Molao wa hae.


“Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Le hoja ba ile ba senya selekane sa ka, ke ile ka ba Morena wa bona,” ho rialo Morena.


“ ‘Ke tla le busa ka thata, ke etse hore le ikokobeletse selekane sa ka.


“Jwale kgalefo ya Morena ya tlokomela Iseraele, mme a ba lelerisa lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ho fediswa moloko wohle o neng o etse bokgopo moo Morena a ntseng a bona.


Kgalefo ya ka e tuka malakabe, e tlokoma ho ya fihla Nqalong ya Bafu, e timetsa lefatshe le tsa lona, e tjhesa le metheo ya dithaba.


Haeba le roba selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a le laetseng sona, eba le a tsamaya le ilo sebeletsa medimo e meng, le a e kgumamela, bohale ba Morena bo tla le tlokomela, mme le tla timela ka ho panya ha ntshi naheng ena e ntle, eo a le neileng yona.”


Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, a neelana ka bona matsohong a Bafilesita, le matsohong a Baamone.


Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele. A neelana ka bona matsohong a dinokwane, mme tsa ba senyetsa. A neelana ka bona matsohong a dira tsa bona tse ba potapotileng, hoo ba neng ba ke ke ba hlola ba ema kapele ho dira tseo tsa bona.


Empa e ne e ye ere ha moahlodi a eshwa, ba boele mekgweng ya bona, ba etse tse kgopo le ho feta bo-ntata bona; ba boele ba latele medimo e meng, ba e sebeletse, ba e kgumamele. Ba ne ba sa ke be ba tlohele mesebetsi ya bona e kgopo, kapa manganga a bona.


Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme a neelana ka bona matsohong a Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame-Naharaime, mme bana ba Iseraele ba sebeletsa Kushane-Rashataime ka dilemo tse robedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ