Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 2:16 - BIBELE

16 Morena a ba hlahisetsa baahlodi ba ileng ba ba pholosa matsohong a dinokwane tse ba senyetsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Leha ho le jwalo, Jehova a nna a ba hlahisetsa baahlodi, ba ba namolela matsohong a ba ba senyang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 2:16
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha ke tla be ke kgethele setjhaba seo sa ka sa Baiseraele baahlodi. Ke tla o phomotsa ho dira tsa hao tsohle. Morena o o boleletse hore o tla hodisa lelapa la hao.


Wa ba neela dira tsa bona ho ba tuba, tlokotsing tsa bona ba ipiletsa ho wena, mme wa ba utlwa o le hodimong la hao. Ka baka la mehauhelo ya hao e mengata, wa ba nea bapholosi, ba ba lopolla ho dira tsa bona.


ka dilemo tse ka bang makgolo a mane le mashome a mahlano. “Kamora tsena a ba nea baahlodi, ho fihlela mehleng ya moporofeta Samuele.


Kamora lefu la Abimeleke, ha hlaha Tola, mora wa Pua, setloholo sa Dodo, monna wa leloko la Isakare, a namolela Baiseraele. Tola o ne a ahile Shamire, naheng e maralla ya Efraime.


Yaba Jafeta o tshelela ho Baamone ho ba lwantsha, mme Morena a neelana ka bona matsohong a hae.


Empa ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi. Ke Ehude, mora wa Gera wa Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba mo roma ho isetsa Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo.


Kamora Ehude moahlodi ya eba Shamegare, mora wa Anate, ya neng a bolaye Bafilesita ba makgolo a tsheletseng ka tsenene e potlakisang dipholo, mme le yena a namolela Baiseraele.


Debora o ne a ye a dule tlasa sefate sa hae sa palema, pakeng tsa Rama le Bethele, naheng e maralla ya Efraime. Bana ba Iseraele ba ne ba ye ba ye ho yena ho ya ahlolelwa.


Morena a retelehela ho yena, a re: “Eya ka matla ana a hao, o namolele bana ba Iseraele matsohong a Bamidiane. Na ha ke a o roma?”


Mehleng ya ha ho ne ho busa baahlodi, naha ya Iseraele ya eba le tlala. Monna e mong wa Betlelehema e Juda, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi, a ya jaka naheng ya Moabe.


Morena a roma bo-Jerubaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, mme a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, yaba le phela ka kgotso.


A lwana ka bonatla, a hlola Baamaleke, a namolela Baiseraele matsohong a ba ba senyetsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ