Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 2:15 - BIBELE

15 Kamehla ha ba eya ntweng, Morena o ne a ba lwantsha, jwalokaha a ne a ile a bua, le jwalokaha a ne a ile a ba hlapanyetsa, mme ba tsieleha haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hohle moo ba neng ba futuhela teng, letsoho la Jehova le ne le ba lwantsha, jwalokaha Jehova a ne a boletse, le jwalokaha Jehova a ne a ba anetse; mme ba eba tsietsing e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 2:15
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba mmuso wa Rehoboame o tsitse, mme a imatlafatse, yena le setjhaba sohle sa Iseraele ba furalla molao wa Morena.


empa haeba setjhaba seo, seo ke neng ke se soketse, se bakela bokgopo ba sona, ke tla thibela koduwa eo ke neng ke se ke rerile ho e dihela hodima sona.


Ke reretse motse ona bobe e seng botle,’ ho rialo Morena. ‘Motse ona o tla wela matsohong a kgosi ya Babilona, mme yona e tla o tjhesa ka mollo.’ ”


“Ka baka lena, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsebang hore ke rerile ho le tlisetsa koduwa le ho timetsa Juda yohle.


Bonang, ho ba hlokomela ha ka, e tla ba ho ba tlisetsang bobe, e seng botle. Banna bohle ba morabe wa Juda, ba leng naheng ena ya Egepeta, ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, ho fihlela ba felella bohle.


Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Ke ntse ke rera koduwa, ke e rerela tjhaba sena, koduwa eo se ke keng sa ba sa e phema. Ha se ka ke sa tsamaya, sa tsamaya ka boikakaso, hobane e tla be e le nako, nako ya tlokotsi.


Re patiswa ka nqa tsohle, empa ha re bjaratsehe; re a tsieleha, empa ha re nyahame pelo;


Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa.’


Baamone ba tshela Jorodane ho ya lwantsha le Juda, le Benjamine, le ba ntlo ya Efraime, mme Baiseraele ba tsieleha haholo.


na le ne le tla ba emela ho fihlela ba hola? Na le ne le tla hloboha lenyalo ka baka la bona? Tjhe, bana ba ka, pelo ya ka e bohloko haholo ka baka la lona, hobane Morena o mphuraletse.”


Empa haeba le sa mamele lentswe la Morena, le fetohela melao ya Morena, o tla le lwantsha, jwalokaha a lwantshitse bo-ntata lona.


Ha Baiseraele ba bona hore taba di mosenekeng, kaha setjhaba se ne se tsielehile, batho ba ipata ka mahaheng, le meferong, le mafikeng, le diqhobosheaneng, le madumeleng.


Ka letsatsi leo, banna ba Baiseraele ba ne ba lapile, empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: “Ho rohakehe monna ya tla ja dijo kajeno, pele ho phirima, mme ke eso iphetetse ho dira tsa ka.”


Davida o ne a tshwenyehile haholo; banna ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majwe, hobane dipelo tsa bona di ne di utlwile bohloko, monna ka mong a llela bara ba hae le baradi ba hae. Empa Davida a ikgothatsa ka ho tshepa Morena Modimo wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ