Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 19:9 - BIBELE

9 Ha monna eo a ema hore a tsamaye le mosadi wa hae wa lefielo, le mohlanka wa hae, mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana, a re ho yena: “Ako bone, ho se ho phirima. Ke a o kopa: Hlola mona bosiu bona bohle. Bona letsatsi le se le ilo dikela. Robaletsa mona, o ithabise, hosasane o tle o tsohelle tseleng, o ye ha hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba monna o a ema, a re o a tsamaya, e le yena le serethe sa hae, le mohlanka wa hae; empa mohwehadi wa hae, ntata morwetsana, a re ho yena: Bona, letsatsi le se le ile; ho se ho tla phirima; robalang kwano le bosiu bona; bona, letsatsi le a dikela, robala kwano bosiu bona, mme pelo ya hao e ke e thabe. Hosasane, le tla tsohela leeto la lona e sa le ka meso, o ikele ha eno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 19:9
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: ‘Ho yena!’ le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”


O se ke wa ithorisa ka la hosasane, hobane ha o tsebe hore le ka o tlela ka dife.


Ba mo qophella, ba re: “Hlola le rona, hobane letsatsi le se le rapame, mme e se e tla ba mantsiboya.” Yaba o a kena, o hlola le bona.


Empa monna eo a hana ho hlola bosiu boo, a ema, a tsamaya, a ba a fihla haufi le Jebuse, e leng Jerusalema. O ne a ena le ditonki tse pedi, tse qhanehilweng, a bile a ena le mosadi wa hae wa lefielo.


Ba dula fatshe, bobedi ba bona ba eja, ba enwa. Ntata ngwanana a re ho monna eo: “Ke a o rapela: Kgotsofalla ho hlola mona bosiu bohle, o ithabise.”


Ka letsatsi la bohlano a tsoha ka madungwadungwana, a re o a tsamaya. Ntata ngwanana a re ho yena: “Ako je pele, ke a o rapela, o dule mona ho fihlela letsatsi le sekama.” Bobedi ba bona ba eja.


Ha Boase a se a jele, a nwele, mme a thabile, a ya ithoballa pela setha sa harese. Ruthe a ya ho yena ka lenyele, a kwaholla maoto a hae, a botha pela wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ