Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 19:5 - BIBELE

5 Ka letsatsi la bone, ba tsoha ka madungwadungwana, ba tsohella tseleng. Ntata ngwanana a re ho mokgwenyana wa hae: “Ako je thathana ya bohobe, o nto tsamaya.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Eitse ka la bone, ba tsoha e sa le hosasa; Molevi ha a re o a tsamaya, ntata morwetsana a re ho mokgwenyana wa hae: Natlafatsa pelo ya hao ka ho ja mothamo wa bohobe, le ntoo tsamaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 19:5
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke sa ilo le batlela sengwathwana sa bohobe, le tle le thobe pelo tsa lona, ebe jwale le a feta, hobane le fapohetse ha mohlanka wa lona.” Yaba ba re: “Etsa jwalokaha o boletse.”


Jwale kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “A re ye le wena ha ka, o yo ja, mme ke tla o putsa.”


le veine, ho thabisa pelo ya motho; le ole, fahleho sa hae se be moropotsana, le dijo, ho matlafatsa mmele wa hae.


Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Yare hoba a je, a boela a matlafala. Saule a hlola nakwana le barutuwa ba leng Damaseka,


Mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana eo, a mo tshwarella, a ba a hlola le yena matsatsi a mararo. Yaba ba a ja, ba a nwa, ba robaletsa moo.


Ka letsatsi la bohlano a tsoha ka madungwadungwana, a re o a tsamaya. Ntata ngwanana a re ho yena: “Ako je pele, ke a o rapela, o dule mona ho fihlela letsatsi le sekama.” Bobedi ba bona ba eja.


Ba mo fa leqebekwane la mangangajane a feiye, le masihla a mabedi a morara wa mangangajane. Ha a se a jele a boela a matlafala, hobane o ne a qetile matsatsi a mararo le masiu a wona a sa je bohobe, a sa nwe metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ