Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 19:3 - BIBELE

3 Monna wa hae a ema, a mo latela, a mo qekisa hore a kgutlele ho yena. Monna eo o ne a ile le mohlanka wa hae, le ditonki tse pedi. Mosadi a mo isa ka tlung ya ntatae, mme ntata mosadi eo a thaba ha a bona Molevi eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jwale, monna wa hae a tloha, a mo latela ho ya bua le pelo ya hae, a tle a mo kgutlise; a ya le mohlanka wa hae le diesele tse pedi. Mosadi eo a mo amohela tlung ya ntatae, mme ntata morwetsana ha a mmona, a thaba ha a teana le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 19:3
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pelo ya Shekeme ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo; a rata mosetsana eo, mme a bua le yena hamonate, a leka ho hapa pelo ya hae.


Jwale he, se tshoheng; nna ke tla le fepa le bana ba lona.” A ba tshedisa, a ba thoba dipelo.


Morena o re: “Ha monna a hlala mosadi wa hae, mosadi a mo tlohela, a nyalwa ke monna osele, na monna a ka kgutlela ho yena? Naha e ka silafala kahohle! O bile seotswa sa banna ba le bangata, na o ka boela wa kgutlela ho nna hape?” ho rialo Morena.


“Bonang, jwale ke tla mo qekisa, ke ye le yena kwana lehwatateng, teng ke bue le yena ka lerato.


“Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “wena o tla mpitsa: ‘Monna wa ka’, ha o sa tla hlola o mpitsa: ‘Baale’, e leng ho bolela: ‘Monga ka’.


“ ‘O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae.


“ ‘Haeba monna ofe kapa ofe a feba le mosadi wa monna e mong, bobedi ba batho bao ba febang ba tla bolawa.


Kgalefo ya Morena ya tlokoma, hobane Bileame a ile a tsamaya. Lengeloi la Morena la mo thibela tseleng, a ntse a palame tonki ya hae, a ena le bahlanka ba hae ba babedi.


Erekaha Josefa, mohatsa Maria, a ne a lokile, mme a sa rate ho mo hobosa, a rera ho mo hlala ka lekunutu.


A re: “Ha a yo, Morena.” Jesu a re: “Le nna ha ke o tswe; eya, mme ho tloha jwale o se ke wa hlola o etsa sebe.”


Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.


Kamora matsatsi a se makae, nakong eo ho helwang koro ka yona, Samosone a boela a etela mosadi wa hae, a mo nketse potsanyane, mme a re: “Ke sa kena ka ho mosadi wa ka ka kamoreng ya hae.” Empa ntata mosadi a mo hanela ho kena.


Mosadi eo wa hae wa lefielo a mo qaka ka ho iphetola seotswa. A mo tlohela, a kgutlela tlung ya ntatae, Betlelehema e Juda, a dula teng nako ya kgwedi tse nne.


Ha letsatsi le tjhaba, mosadi a fihla a wela monyakong wa ntlo ya monna eo, moo monga hae a neng a le hona teng, ho fihlela bo esa.


Mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana eo, a mo tshwarella, a ba a hlola le yena matsatsi a mararo. Yaba ba a ja, ba a nwa, ba robaletsa moo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ