Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 19:23 - BIBELE

23 Monna eo, e leng monga ntlo, a tswela ho bona kantle, a re: “Wee, bana beso, ke a le rapela! Se keng la etsa bokgopo! Monna enwa ke moeti wa ka! Se keng la etsa ketso ena e hlabisang dihlong!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Monna, monga ntlo, a tswela ho bona, a re ho bona: Tjhe, banabeso, se etseng hampe; haele moo monna eo a fapohetse ha ka, le se ke la etsa manyala a kalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 19:23
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang, ke na le baradi ba babedi, ba eso robale le monna; ha ke mpe ke le tlisetse bona, le etse seo le se ratang ka bona. Feela banna bana bona le se ke la ba etsa letho, hobane ba tshireletsong ya ka.”


Ha bara ba Jakobo ba kgutla naheng, ba utlwa taba ena. Banna bana ba tlalwa ke dipelo, ba halefa haholo, hobane Shekeme o ne a tlisitse manyala Iseraeleng, ka ho beta moradi wa Jakobo, e leng ntho e sa tshwaneleng ho etswa.


Empa Tamare a re ho yena: “Tjhe, kgaitsedi, o se ke wa nqobella, hobane naheng ya Iseraele ha ho etswe tjena. Se ke wa etsa ketso ena e manyala.


ngwanana eo o tla iswa monyakong wa ntlo yabo ebe banna ba motse wa habo ba mo tlepeletsa teng ka majwe, a be a shwe, hobane o sitetswe Iseraele ka ho etsa bohlola a ntse a le lapeng labo. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.


Monna ya tla kgethwa, e leng ya nang le ntho e rohakehileng, o tla tjheswa ka mollo, yena le tsohle tseo a nang le tsona, hobane o robile selekane sa Morena, le hobane o entse ketso a dihlong setjhabeng sa Iseraele.’ ”


Ka nka setopo sa mosadi eo wa ka wa lefielo, ka se kgaola dikotwana, ka di romela naheng yohle eo Baiseraele ba e jeleng lefa, hobane Bagibea bao ba entse bohlola le manyala naheng ya Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ