Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 19:19 - BIBELE

19 Feela re na le setoroi le dijo tsa ditonki tsa rona. Ke bile ke na le mofao wa bohobe le veine, e leng wa ka le wa lekgabunyane la ka, le wa mohlankana ya nang le bahlanka ba hao. Ha re hloke letho.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Athe ke na le setroi le furu ya diesele tsa rona; hape, ke na le bohobe le veine e lekaneng nna le lekgabunyane la hao, le mohlanka eo bahlanka ba hao ba nang le yena; ha re hloke letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 19:19
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A boela a re ho yena: “Re na le seteroi le furu e lekaneng, le moo le ka robalang teng.”


“Le se hlole le nea batho bana seteroi sa ho etsa ditene, jwaloka pele; ba tla ipokellela sona ka bobona.


Yare hoba a re ba kene, a ba amohela. Ka la hosasane a itokisa, a ya le bona, mme badumedi ba bang ba Jopo ba mo felehetsa.


Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.


Ha ba fihla Jebuse letsatsi le ne le se le ile, mme mohlanka a re ho monga hae: “Tloo, ke a o rapela: Re ke re fapohele motseng ona wa Bajebuse, re robaletse teng.”


Eo a re ho yena: “Re a feta, re tswa Betlelehema e Juda, re ya ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, moo e leng haeso. Ke ne ke ile Betlelehema e Juda; jwale ke ya tlung ya Morena, empa ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ