Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 19:18 - BIBELE

18 Eo a re ho yena: “Re a feta, re tswa Betlelehema e Juda, re ya ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, moo e leng haeso. Ke ne ke ile Betlelehema e Juda; jwale ke ya tlung ya Morena, empa ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Eo a re ho yena: Re tswa Bethlehema-Juda, re ya letswapong la thaba ya Efraime; ke wa teng; ke ne ke ile Bethlehema-Juda, mme jwale ke ya tlung ya Jehova; leha ho le jwalo, ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 19:18
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O se ke wa ntimetsa mmoho le baetsadibe, wa fedisa bophelo ba ka mmoho le ba bona, bona ba ratang ho tsholla madi,


Ya ahisaneng le wena o mo fapohele sewelo, esere wa mo tena, a qetella a o hloile.


Ha motho a sa dule ka ho nna, o lahlelwa kantle jwaloka lekala, mme a omelle. Makala a a bokellwa, a lahlelwe mollong, a tjhe.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.


Ho ne ho ena le mohlankana wa Molevi, wa lelapa la Juda, ya tswang Betlelehema e Juda, mme a jakile moo.


Ka nako yohle, eo Tente ya Modimo e neng e le Shilo ka yona, ba kgumamela setshwantsho seo Mmika a iketseditseng sona.


Eitse ha a phahamisa mahlo, a bona monna wa motsamai a le lebaleng la motse, mme monnamoholo a re: “O ya kae? O tswa kae?”


Feela re na le setoroi le dijo tsa ditonki tsa rona. Ke bile ke na le mofao wa bohobe le veine, e leng wa ka le wa lekgabunyane la ka, le wa mohlankana ya nang le bahlanka ba hao. Ha re hloke letho.”


Ka letsatsi la bone, ba tsoha ka madungwadungwana, ba tsohella tseleng. Ntata ngwanana a re ho mokgwenyana wa hae: “Ako je thathana ya bohobe, o nto tsamaya.”


Setjhaba sa Iseraele sa nyolohela Bethele, ho fumana keletso ya Modimo, mme sa re: “Ke bafe ho rona ba tla futuhela bana ba Benjamine pele?” Morena a re: “Ho tla futuha Juda pele.”


Ka selemo se seng le se seng monna eo o ne a ye a tlohe motseng wa habo, a ye Shilo ho ya kgumamela Morena wa mabotho, le ho mo etsetsa sehlabelo. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, e ne e le baprista ba Morena.


Hona ho ne ho etsahala ka selemo se seng le se seng. Kamehla ha ba nyolohela Tempeleng ya Morena, Peninna o ne a ye a utlwise Anna bohloko, ka baka leo a lle, a se ke a je.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ