Baahlodi 19:10 - BIBELE10 Empa monna eo a hana ho hlola bosiu boo, a ema, a tsamaya, a ba a fihla haufi le Jebuse, e leng Jerusalema. O ne a ena le ditonki tse pedi, tse qhanehilweng, a bile a ena le mosadi wa hae wa lefielo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)10 Empa monna a hana ho robala teng bosiu, a ba a ema, a tsamaya, mme a fihla pela Jebuse, e leng Jerusalema, a ena le diesele tse pedi tse belesitseng, le sona serethe sa hae se le ho yena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha monna eo a ema hore a tsamaye le mosadi wa hae wa lefielo, le mohlanka wa hae, mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana, a re ho yena: “Ako bone, ho se ho phirima. Ke a o kopa: Hlola mona bosiu bona bohle. Bona letsatsi le se le ilo dikela. Robaletsa mona, o ithabise, hosasane o tle o tsohelle tseleng, o ye ha hao.”