Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 18:7 - BIBELE

7 Banna bao ba bahlano ba tsamaya, ba fihla Laishe, ba fumana batho ba phelang moo ba phela ka boiketlo, jwaloka Basidone, ba kgotsofetse, ba iketlile, hobane naheng eo ho ne ho se le ya mong ya nang le matla hodima bona, ya ka ba tshwenyang ka letho. Ba ne ba le hole le Basidone, mme ba sa amane le motho ofe kapa ofe ka letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba banna bao ba bahlano ba tloha, ba fihla Laishe, ba bona batho ba teng ba dutse ba iketlile ka mokgwa wa Basidone, ba dutse ka boiketlo le ka kgotso, ho se motho ya nang le borena naheng eo, ya nang le matla a ho ba etsa hampe, ba le hole le Basidone, ba se na taba le batho ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 18:7
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haesale e le yena, ntatae o ne a eso ka a mo kgalemela le ka mohla, a re: “O etseditseng tjee?” Etswe Adoniya o ne a le motle haholo, a bile a hlahlama Abosalome.


A fumana eka ke ntho e fokolang ho etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, hoo a bileng a nyala Jesabele, moradi wa Etebaale, kgosi ya Basidone, mme a ya sebeletsa Baale, a mo kgumamela.


Ba fumana makgulo a matle, a nonneng, le naha e namileng, e nang le kgotso, e kgutsitseng. Baahi ba yona ba pele e ne e le Bahame.


“Emang le futuhele tjhaba se iketlile, tjhaba se iphelela, se ena le letshepa, tjhaba se se nang dikgoro, se se nang le mekwallo, tjhaba se iphelelang se le inotshi feela,” ho rialo Morena.


Babusi ba ke ke ba tshajwa ke ba etsang tse ntle, empa ba tshajwa ke ba etsang tse mpe. Ha u sa rate ho tshaba ya busang, etsa tse ntle, mme o tla o rorisa,


Bana ba Dane ba ne ba haellwa ke naha ya bona, mme ba nyoloha, ba futuhela Lesheme. Ba e hapa, ba bolaya baahi ba yona ka sabole, ya eba ya bona. Ba aha ho yona, yaba Lesheme ba se ba e bitsa Dane ka ho e reella ntata bona Dane.


kapa tsa babusisi ba beilweng ke kgosi ho otla ba etsang tse mpe, le ho rorisa ba etsang tse ntle.


Le e nee tlhokofatso le mahlomola a lekanang le boithoriso ba yona le boithabiso ba yona hobane ka pelong ya yona, e re: ‘Ke dutse teroneng ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme ha nka ke ka tseba mahlomola.’


Motse oo ba o rea lebitso la Dane, ba o reella ntata bona Dane, eo e neng e le mora wa Iseraele. Pele ho moo motse oo o ne o bitswa Laishe.


Moprista a re ho bona: “Tsamayang ka kgotso; leeto la lona le matsohong a Morena.”


Ha ba fihla ho bana babo bona ba Sora le Eshetaole, bana bao babo bona ba re ho bona: “Le reng?”


Ke mmoleletse hore kahlolo ya ntlo ya hae e tla ba ya mehla yohle, ka baka la bokgopo ba yona, hobane o tsebile hore bana ba hae ba itliseditse thohako, empa ha a ka a ba kgalemela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ