Baahlodi 18:6 - BIBELE6 Moprista a re ho bona: “Tsamayang ka kgotso; leeto la lona le matsohong a Morena.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)6 Moprista a re: Eyang ka kgotso; leeto la lona leo le le nkileng le pela Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena.
Banna bao ba bahlano ba tsamaya, ba fihla Laishe, ba fumana batho ba phelang moo ba phela ka boiketlo, jwaloka Basidone, ba kgotsofetse, ba iketlile, hobane naheng eo ho ne ho se le ya mong ya nang le matla hodima bona, ya ka ba tshwenyang ka letho. Ba ne ba le hole le Basidone, mme ba sa amane le motho ofe kapa ofe ka letho.