Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 18:5 - BIBELE

5 Ba re ho yena: “Ako kope keletso ho Modimo, re a o rapela, e le hore re tle re tsebe hore na leeto leo re leng ho lona le tla atleha na.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba re ho yena: Ako botse Modimo, re tle re tsebe ha ekaba leeto la rona le tla atleha na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 18:5
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehoshafate a boela a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke a o kopa: Ako botse Morena pele.”


Jwale kgosi Akase a laela moprista Uriya, a re: “Hodima aletare e kgolo o tjhesetse nyehelo ya setjheso ya hoseng, le nyehelo ya kgosi ya dijo, mmoho le nyehelo ya setjheso ya setjhaba sohle sa naha eo, le nyehelo ya sona ya dijo, le nyehelo ya sona ya dino. Hodima yona o foke ka madi wohle a tse hlabetsweng nyehelo ya setjheso, le ka madi wohle a tse hlabetsweng ho etsa sehlabelo. Aletare ya lethose yona, ke eo ke tla botsa Morena ke le ho yona.”


Morena o re: “Le madimabe hakaakang bana ba mahlabaphiyo, ba phethang merero eo e seng ya ka, ba etsang dilekane ba se na Moya wa ka, ba etsang hore dibe di tote!


Kgosi ya Babilona e tla emisa mateanong a ditsela, e emise mateanong a tsela tse pedi ho batla tsela. E tla laola ka ho etsa lotho ka metsu, e botse medimo ya yona ya lelapa, e hlahlobe sebete sa phoofolo e hlabilweng.


Tjhaba sa ka se laola ka dikoqwana, melangwana ke yona e buang le sona. Moya wa bootswa o a se kgelosa, se furaletse Modimo, se etsa bootswa.


Bohle ba ne ba mo mamela ka hloko, ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, ba re: “Enwa ke Matla a Modimo a bitswang a maholo.”


Yaba Mmika o re: “Jwale ke a tseba hore Morena o tla nkatlehisa, hobane ke na le moprista wa Molevi.”


Monna enwa, Mmika, o ne a ena le ntlo eo a e hahetseng medimo. A etsa setipe, le modingwana wa lelapa, mme a hlomamisa e mong wa bara ba hae hore e be moprista.


Jwale banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha ya Laishe, ba re ho bana babo bona: “Na le a tseba hore kahara matlo aa, ho na le setipe le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng? Ka baka leo, imamelleng hore na le tla etsa jwang.”


A re ho bona: “Mmika o nkentse tjena: O nkgirile, mme ke moprista wa hae.”


Moprista a re ho bona: “Tsamayang ka kgotso; leeto la lona le matsohong a Morena.”


Mehleng ya pele, naheng ya Iseraele, ha motho a ne a ilo botsa Modimo o ne a ye a re: “Tloo, re ye ho senohe,” hobane ya bitswang moporofeta kajeno, mehleng eo o ne a bitswa senohe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ