Baahlodi 18:27 - BIBELE27 Ba nka dintho tseo Mmika a neng a di entse, ba nka le moprista wa hae, ba fihla Laishe, setjhabeng sa kgotso, se iketlileng, ba se bolaya ka sabole, ba tjhesa motse ka mollo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)27 Haele bao, eitse hobane ba nke ntho tseo Mika a di entseng, le moprista wa hae ba fihla Laishe, batho ba teng ba ntse ba dutse ka kgotso le ka boiketlo; ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, mme ba tjhesa motse. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Banna bao ba bahlano ba tsamaya, ba fihla Laishe, ba fumana batho ba phelang moo ba phela ka boiketlo, jwaloka Basidone, ba kgotsofetse, ba iketlile, hobane naheng eo ho ne ho se le ya mong ya nang le matla hodima bona, ya ka ba tshwenyang ka letho. Ba ne ba le hole le Basidone, mme ba sa amane le motho ofe kapa ofe ka letho.