Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 18:24 - BIBELE

24 Mmika a re ho bona: “Le nkile modimo wa ka, oo ke iketseditseng wona, le moprista le mo nkile, yaba le a tsamaya. Ke sa na le eng? Jwale le re na ke batlang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 A re: Le nkile medimo ya ka eo ke e entseng, le moprista wa ka, mme le ile le bona; jwale, ke saletswe ke eng na? Le mpotsa jwang, ha le re: O jewa keng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 18:24
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ha o tsamaile, hobane o ne o se o hlolohetswe lelapa leno, medimo ya ka yona o e utsweditseng?”


Ragele o ne a nkile medimo ya ntatae, a e beile katlasa qhana ya kamele mme a dutse hodima yona. Labane a phenya hohle ka tenteng, empa a se ke a e fumana.


Ka baka leo, kgalefo ya Morena ya tlokomela Amasiya, mme Morena a roma moporofeta ho yena, ya ileng a fihla a re: “Ke ka baka lang ha o batlile thuso ya medimo ya baditjhaba, e sitilweng ho namolela beng ba yona matsohong a hao?”


Ba e etsang ba ke ba tshwane le yona, ba be jwalo bohle ba e tshepang.


Sabole e supile mehlodi ya dinokana, metsi a tsona a tla psha kaofela, kahobane naha ena ke naha ya medingwana, medingwana e hlantshang batho ke ho e tshaba!


“Batho bohle ke dithoto, le tsebo ha ba na yona, malala wohle a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana, medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe.


“Ohola o hlile a ineella bootswa e sa le wa ka; a tjhatjhehela baratuwa ba hae, e leng Baasiria ba ahelaneng le yena.


Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle.


seo dikgosi tsa lefatshe di entseng bohlola le sona, se tahisitseng baahi ba lefatshe ka jwala ba bootswa ba sona.”


Yaba Mmika o re: “Jwale ke a tseba hore Morena o tla nkatlehisa, hobane ke na le moprista wa Molevi.”


Monna enwa, Mmika, o ne a ena le ntlo eo a e hahetseng medimo. A etsa setipe, le modingwana wa lelapa, mme a hlomamisa e mong wa bara ba hae hore e be moprista.


Ba howeletsa bana ba Dane, mme bao ba reteleha, ba re ho Mmika: “O batlang, ha o bokantse batho tjee?”


Bana ba Dane ba re ho yena: “O se hlole o bua le rona, esere banna bana ba halefileng ba o lwantsha, mme wena le ba lelapa la hao la shwa.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ