Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 18:2 - BIBELE

2 Bana ba Dane ba roma banna ba bahlano ba lelapa labo bona, e le bahlabani ba tswang metseng ya Sora le Eshetaole, ho ya hlwela naha, le ho e hlahloba. Ba re ho bona: “Tsamayang le yo hlahloba naha.” Bao ba ya fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika, mme ba robaletsa teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bana ba Dane ba kgetha, hara bona bohle, banna ba bahlano ba bohale, ba bana ba Tsorea le Eshthaole, mme ba ba romela ho ya hlwela naha le ho e lekola. Ba re ho bona: Eyang, le lekole naha. Ba ya, ba ba ba fihla ha Mika, thabeng ya Efraime, mme ba robala teng bosiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 18:2
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa a hopola ditoro tseo a kileng a di lora ka bona, mme a re ho bona: “Le dihlwela tse tlilo lekola bofokodi ba naha eo le e etetseng.”


Rala merero ya hao ka ho batla keletso, ntwa o e lwane o se o fumane keletso.


Moshe a ba roma ho ya hlwela naha ya Kanana, mme a re ho bona: “Nyolohang le mona Negebe, le nyolohele naheng e maralla.


“Kapa kgosi ke efe, eo ereng ha e ya thulana le kgosi e nngwe ntweng, e sa duleng pele ho imamella hore na ka bahlabani ba kete tse leshome e ka ba le matla a ho kgahlanyetsa e e futuhelang e ena le ba kete tse mashome a mabedi na?


Diphuleng metse e ne e le Eshetaole, le Sora, le Ashena,


Moedi wa bona o ne o akaretsa Sora, le Eshetaole, le Ire-Shemeshe,


Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.


Ha tsebiswa kgosi ya Jeriko, ha thwe: “Hela, bosiung bona bona ho fihlile banna ba Baiseraele mona, ba tlilo hlahloba naha.”


Ho ne ho ena le monna ya bitswang Manowa, ya neng a ahile Sora. E ne e le wa morabe wa Dane. Mosadi wa hae e ne e le nyopa.


Moya wa Morena wa qala ho mo susumetsa ha a le Mahaneha-Dane e pakeng tsa Sora le Eshetaole.


Bana babo le bohle ba ntlo yabo, ba theoha, ba fihla ba mo nka, ba mo nyolla, ba mo epela pakeng tsa Sora le Eshetaole, moo ntatae Manowa a ileng a epelwa teng. Samosone e ne e ile ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi.


Ho ne ho ena le monna ya neng a phela naheng e maralla ya Efraime, lebitso la hae e le Mmika.


Ba morabe wa Dane ba tswa naheng ya Sora le Eshetaole, e le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng.


Ho tloha moo ba fetela naheng e maralla ya Efraime, ba ya fihla tlung ya Mmika.


Ha ba ntse ba le tlung eo ya Mmika, ba tseba lentswe la mohlankana wa Molevi, ba fapohela teng, ba re ho yena: “O tlisitswe ke mang moo? O etsang moo? O batlang moo?”


Ha ba fihla ho bana babo bona ba Sora le Eshetaole, bana bao babo bona ba re ho bona: “Le reng?”


Ka nako yona eo, ha Baiseraele ba ntse ba se na kgosi, Molevi e mong ya neng a jakile ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, a inkela mosadi wa lefielo motseng wa Betlelehema e Juda.


Eo a re ho yena: “Re a feta, re tswa Betlelehema e Juda, re ya ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, moo e leng haeso. Ke ne ke ile Betlelehema e Juda; jwale ke ya tlung ya Morena, empa ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ