Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 18:19 - BIBELE

19 Ba re ho yena: “Kgutsa! Bea letsoho molomong, o tsamaye le rona, mme o be ntata rona le moprista wa rona. Ho molemo ho wena ke hofe: Ho ba moprista wa lelapa la motho a le mong, kapa ho ba moprista wa morabe le wa lelapa la Iseraele?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba re ho yena: Thola, o thibe molomo wa hao ka letsoho, o tsamaye le rona, o be ntata rona le moprista wa rona; haele hore o be moprista wa ntlo ya motho a le mong, kapa o be moprista wa leloko le le leng le wa lesika le le leng la Iseraele, ho molemo ho wena e ka ba hofe na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 18:19
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!”


Ha kgosi ya Iseraele e ba bona, ya re ho Elisha: “Ntate, ke ba bolaye? Ke ba bolaye?”


Ntadimeng, le tswe le makala, le thibe melomo ka matsoho a lona.


mahosana le wona a kgaotse ho bua, ka matsoho a wona a ithibe melomo;


“Haeba o bile sethoto, wa ikgantsha, kapa wa nahana merero e mebe, bea letsoho molomong o kgutse,


Ditjhaba di tla bona, di hlajwe ke dihlong, le hoja di le matla; ditjhaba di tla makala, di be di hlollwe, le tsebe tsa tsona di be di thibane.


Mona lefatsheng le se ke la bitsa motho ‘Ntata lona,’ hoba le na le Ntate a le mong, lehodimong.


Mmika a re ho yena: “Dula mona ha ka, mme o be ntate le moprista wa ka. Ka selemo ke tla o lefa tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome, ke o fe le diaparo, le dijo.” Yaba Molevi o a kena.


Ha banna bana ba kena ka tlung ya Mmika, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng, moprista a re ho bona: “Le etsang?”


Moprista a nyakalla. A nka setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, mme a kena hara setjhaba seo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ