Ba nyoloha, mme ba hloma Kiriate-Jearime e Juda. Ke ka baka leo le ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, sebaka seo se ntseng se bitswa Diahelo tsa Dane. Se ka bophirimela ho Kiriate-Jearime.
Jwale banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha ya Laishe, ba re ho bana babo bona: “Na le a tseba hore kahara matlo aa, ho na le setipe le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng? Ka baka leo, imamelleng hore na le tla etsa jwang.”
Ka nako yona eo, ha Baiseraele ba ntse ba se na kgosi, Molevi e mong ya neng a jakile ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, a inkela mosadi wa lefielo motseng wa Betlelehema e Juda.