Baahlodi 17:4 - BIBELE4 Ha Mmika a kgutliseditse tjhelete eo ho mmae, mmae a ntsha tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi le halofo, a e nea lelala, mme lona la etsa setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng, mme tsena tsa iswa ka tlung ya Mmika. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)4 Mika a busetsa tjhelete tseo ho mmae, mme mmae a nka dishekele tse makgolo a mabedi, a di nea setsholli; sa di etsa setshwantsho se betlilweng le setshwantsho se tsholotsweng, mme tsa dula tlung ya Mika. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Mmika a kgutlisetsa ho mmae tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro. Mmae a re: “Silefera ena e tswang letsohong la ka ke e abela Morena, ka baka la mora wa ka, hore ho etswe setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng. Ka baka leo, ke e kgutlisetsa ho wena.”