Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:6 - BIBELE

6 Delila a re ho Samosone: “Ke a o kopa: Ako mpolelle hore na matla ana a hao a maholo hakana a tswa kae, le hore na o ka tlangwa ka eng ho o fokodisa!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Delila o re ho Samsone: Ako ntsebise hore na matla a hao a maholo a tswa kae, le kamoo o ka tlangwang kateng, hore o tle o kokobetswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka makgetlo a mane ba nna ba nthomella molaetsa ka mokgwa wona ona. Le nna ka nna ka ba araba ka mokgwa o tshwanang le wona ona.


Re pholose Morena, batshepuwa ba fedile; botshepehi ha bo sa le yo ho bana ba batho.


Molomo wa sehlola ke lemena le tebileng; ya halefetsweng ke Morena o tla wela ka ho lona.


Leleme le leshano le hloile bao le ba buang hampe, molomo wa leseaqheme wona o a timetsa.


hoba seotswa, le ka sengwatho o ka se reka, athe sehlola sona se tsoma bophelo ba hao.


Ka puo tsa lehelehele lena mohlankana a ineela, ka molomo wa lona o ekang, mohlankana a hapeha.


Ba hlomphang Modimo ha ba sa le yo lefatsheng, ha ho le ya mong ya etsang ho lokileng; bohle ba laletse ho tsholla madi, motho o tjhehile ngwanabo, o mo tjhehile ka letlowa.


O se tshepe ya ahisaneng le wena, motswalle le yena o se ke wa mo tshepa; esita le ho yena mosadi wa hao, o ele hloko seo o se buang ho yena.


A mo llela ka matsatsi a supileng a mokete, mme ka letsatsi la bosupa a mmolella tlhaloso ya sona, hobane mosadi o ne a sa mo fe tshweya. Mosadi eo a ya bolella ba habo.


Mahosana a Bafilesita a fihla ho mosadi eo, mme a re ho yena: “Mo qeke, mme o fumane hore na matla ana a hae a maholo a tswa kae; le hore na re ka mo hlola jwang, hore re tle re tsebe ho mo tlama, re mo fokodise. E mong le e mong wa rona o tla o nea tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro.”


Samosone a re ho yena: “Haeba ba ka ntlama ka dikgwele tsa seqha tse supileng, tse ntjha, tsa lesika le eso ka le omiswa, ke tla fokola, ke tshwane le monna e mong le e mong.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ