Baahlodi 16:5 - BIBELE5 Mahosana a Bafilesita a fihla ho mosadi eo, mme a re ho yena: “Mo qeke, mme o fumane hore na matla ana a hae a maholo a tswa kae; le hore na re ka mo hlola jwang, hore re tle re tsebe ho mo tlama, re mo fokodise. E mong le e mong wa rona o tla o nea tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)5 Marena a Bafilesta a nyolohela ho yena, a re ho yena: Mo qeke, o be o tsebe hore na matla a hae a maholo a tswa kae, le kamoo re ka tsebang ho mo hlola kateng, re tle re mo tlame, re mo kokobetse; e mong le e mong wa rona re tla o nea dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
A re ho mmae: “Ha o ne o utsweditswe tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro o ne o nee ya utswitseng tjhelete eo thohako, moo ke ntseng ke utlwa. Bona he, silefera eo ke ena ho nna; ke nna ya neng a e nke.” Mmae a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka.”
Jwale Akishe a bitsa Davida, mme a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o tshepahetse ho nna. O ile wa nkgahla ha re ntse re futuha le wena ka mabotho. Ho tloha mohla o fihlang mona ho nna, ho fihlela kajeno, ha ke eso fumane bobe ba letho ho wena. Leha ho le jwalo, mahosana ha a o amohele.