Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:28 - BIBELE

28 Samosone a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nkgopole, mme o ke o mmatlafatse ka lekgetlo lena le le leng feela, Modimo, e le hore ke tle ke pheteletse mahlo a ka a mabedi ka Bafilesita.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Samsone a hoeletsa ho Jehova, a re: Morena Jehova, nkgopole hle! Oho Modimo, nnatlafatse kajeno feela, ke tle ke pheteletse hang feela mahlo a ka a mabedi ho Bafilesta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:28
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, Modimo wa rona, ako ba ahlole! Re hloka matla a ho lwantsha lebothohadi lena le re futuhetseng. Ha re tsebe le seo re ka se etsang, empa rona re tshepile wena.”


Thusa, Morena! Oho, Modimo, itokisetse ho otla; o se ke wa lebala bahlophehi.


Yaba ke rapela lebitso la Morena, ka rapela, ka re: “Oho, Morena, ako pholose bophelo ba ka.”


Ka baka la mohau wa hao ho nna, o tla timetsa dira tsa ka, o fedise bohle ba ntwantshang, hobane nna ke mohlanka wa hao.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise.


“O a tseba, wena Morena, ako nkgopole, o ke o nketele, ako mphetetse ho batubi ba ka; kaha o na le mamello, se ke wa ntimetsa, hopola ke hlapaolwa ka lebaka la hao.


“Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang.


Aleksandere, eo e leng lelala la lethose, o nkentse hampe haholo. Morena o tla mo nea moputso o lokelang diketso tsa hae.


Ke tla reng hape? Nka haellwa ke sebaka sa ho lokodisa tsa Gideone, Barake, Samosone, Jafeta, Davida, Samuele le baporofeta.


Ba howeletsa ka mantswe a phahameng, ba re: “Monghadi ya halalelang, wa nnete, ho sa setse nako e kae pele o re ahlolela, mme o lefeletsa madi a rona ho baahi ba lefatshe?”


Samosone o ne a nyorilwe haholo, mme a ipiletsa ho Morena, a re: “Ka letsoho la mohlanka wa hao o fane ka tlholo ena e kgolohadi! Ebe jwale ke tla shwa ke lenyora? Kapa ke tla wela matsohong a maqai?”


Ntlo ena e ne e tletse banna le basadi; ho ena le mahosana wohle a Bafilesita. Hodima marulelo a ntlo ena ho ne ho dutse banna le basadi ba dikete tse tharo, ba neng ba lebeletse Samosone ha a bapala.


Samosone a itshwarella ka matla ditshiyeng tse pedi tse bohareng ba ntlo, tse tsheheditseng ntlo. A itshetleha ka tsona, letsoho la hae le letona le tshwere e nngwe, le le letshehadi le tshwere e nngwe.


“Dira tsohle tsa hao a di ke di timele, Morena, empa ba o ratang ba be jwaloka letsatsi, letsatsi ha le tjhaba ka matla a lona.” Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ