Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:27 - BIBELE

27 Ntlo ena e ne e tletse banna le basadi; ho ena le mahosana wohle a Bafilesita. Hodima marulelo a ntlo ena ho ne ho dutse banna le basadi ba dikete tse tharo, ba neng ba lebeletse Samosone ha a bapala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ntlo e ne e tletse banna le basadi, le wona marena a Bafilesta a ne a le teng kaofela; esita le marulelong ho ne ho na le banna le basadi ba batlileng ho etsa kete tse tharo, ba tadimang Samsone ha a bapala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:27
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka tsatsi le leng, motsheare wa mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae. Ha a ntse a otlolla maoto hodima marulelo a ntlo ya bokgosi, a bona mosadi a ntse a tola. Mosadi eo o ne a le motle haholo.


“Ha o haha ntlo e ntjha, dintshing tsa marulelo a yona a sepapetlwa o hahe motero o a potapotang, e le hore ntlo ya hao e se ke ya ba le molato wa ho tsholoha ha madi, haeba motho a ka wa a le hodima yona.


Banna bao ba ne ba eso ka ba kgaleha, ha Rahaba a hlwella ka ho bona, kahodima marulelo.


Samosone a re ho moshanyana ya neng a mo tataisa: “Ako ntumelle ke tshware ditshiya tse pedi tse tsheheditseng ntlo, ke tle ke itshetlehe ka tsona.”


Samosone a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nkgopole, mme o ke o mmatlafatse ka lekgetlo lena le le leng feela, Modimo, e le hore ke tle ke pheteletse mahlo a ka a mabedi ka Bafilesita.”


Empa ho ne ho ena le tora e hahilweng ka thata kahara motse. Batho bohle ba motse, banna bohle le basadi bohle, ba tshabela ka toreng eo. Ba ikwalla ka ho yona, ba ba ba hlwella le marulelong a yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ