Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:17 - BIBELE

17 Qetellong a mmolella nnete, a re ho yena: “Hlooho ya ka ha e eso ka e beolwa, hobane haesale ke le mokgethwa wa Modimo ho tloha popelong ya mme. Haeba nka beolwa, matla ana a ka a tla fela, ke fokole, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba o mmolella tsohle tse ka pelong ya hae, a re ho yena: Lehare ha le eso ho ka le mpeola hlooho, hobane ke monasari wa Modimo, haesale popelong ya mme; ha nka beolwa, ke hona matla a ka a ka ntlohelang, mme nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlalefi ha a boledisake tsebo ya hae, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona.


Ya tshwarang leme la hae o baballa bophelo ba hae, ya phasolohang feela yena o tla timela,


Ha mmusi a mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba kgopo.


O se tshepe ya ahisaneng le wena, motswalle le yena o se ke wa mo tshepa; esita le ho yena mosadi wa hao, o ele hloko seo o se buang ho yena.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha monna kapa mosadi a etsa kano e kgethehileng, e leng kano ya mokgethwa, ya ho ikabela Morena,


“ ‘Ka matsatsi wohle a ho ikanela bokgethwa, a se ke a beola moriri wa hae. Ho fihlela matsatsi a hae a ho ikabela Morena a fela, o tla halalela. O tla tlohela moriri wa hae o hole, o be sehlotho.


Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano.


Bona, o tla emola, mme o belehe mora. O se ke wa ba wa beola moriri wa hae, hobane ho tloha popelong ngwana enwa e tla ba mokgethwa wa Modimo, mme o tla qala ho namolela Baiseraele matsohong a Bafilesita.”


Ka tsatsi le leng le le leng a nna a pheella ho mmotsa, mme a mo qophella. Samosone a fela pelo hoo e neng eka o tla shwa.


Ha Delila a bona hore o mmoleletse nnete yohle, a romela maqosa ho bitsa mahosana a Bafilesita, a re: “Kajeno tloong, hobane o mpoleletse nnete.” Jwale mahosana a Bafilesita a tla ho yena, a nkile tjhelete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ