Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:15 - BIBELE

15 Yaba Delila o re ho yena: “O ka re o nthata jwang, empa pelo ya hao e se ho nna? O mphoqile ka makgetlo ana a mararo, mme ha o eso ka o mpolella hore na matla ana a hao a maholo a tswa kae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Delila a re ho yena: O ka bolela jwang hore o a nthata, athe pelo ya hao ha e ho nna? Bona, e se e le la boraro o ntshomileng, mme ha o eso ho mpolelle moo matla a maholo a hao a tswang teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:15
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a sebeletsa bohadi ba Ragele ka dilemo tse supileng, empa ka baka la lerato leo a neng a rata Ragele ka lona, dilemo tseo tsa ka ditshiu tse seng kae.


Abosalome a re ho Hushai: “Na o hlile o rata motswalle wa hao? Ke hobaneng o sa tsamayeng le yena?”


Ka makgetlo a mane ba nna ba nthomella molaetsa ka mokgwa wona ona. Le nna ka nna ka ba araba ka mokgwa o tshwanang le wona ona.


O tla phemiswa mosadi wa sehlola, mosadi ya ekang ka dipolelo,


Mora ka, ako nnee pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe, a kgahlwe ke metsamao ya ka,


“Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.


Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.


O tla rata Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.


Seo lerato la Modimo le leng sona ke hore re boloke ditaelo tsa hae. Ditaelo tsa hae ha di boima.


Mosadi wa Samosone a itshela ka dikgapha, a re ho yena: “Ruri o ntlhoile, ha o nthate. O lothile baheso, empa ha o eso ntlhalosetse selotho seo.” Yaba Samosone o re ho yena: “Bona mona, esita le batswadi ba ka ha ke a ka ka ba bolella. Jwale wena o re ke o bolelle?”


Delila a mo koietsa, a kgaleha. Yaba o thata dithapo tsa moriri wa hae ka kgwele, o di kgokgothela fatshe ka thakgisa, o re ho Samosone: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Samosone a phaphama, mme a pshemola thakgisa, a lokolla le kgwele.


Ka tsatsi le leng le le leng a nna a pheella ho mmotsa, mme a mo qophella. Samosone a fela pelo hoo e neng eka o tla shwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ