Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:11 - BIBELE

11 Samosone a re ho Delila: “Ha fela ba ka ntlama ka mehala e metjha, e eso ka e sebediswa, ke tla fokola, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 A re ho yena: Ha nka tlangwa ka thata ka mehala e metjha e esong ho sebetse letho, nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:11
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya tshwarang leme la hae o baballa bophelo ba hae, ya phasolohang feela yena o tla timela,


Motho ya lokileng o hloile leshano, ya kgopo ha a na dihlong, o a swabisa.


Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.


Ka baka leo, tlohelang leshano, motho ka mong a bue nnete le wa bo, hobane re ditho tsa mmele o le mong.


Ba bua ho yena, ba re: “Tjhe! Feela re tla o tlama ka thata, re neelane ke wena matsohong a bona, empa ruri re ke ke ra o bolaya.” Ba mo tlama ka mehala e mmedi, e metjha, mme ba nyoloha le yena ho tloha lehaheng.


Delila a re ho Samosone: “Bona mona, o mphoqile, mme o mpoleletse leshano. Jwale ako mpolelle hle: Ke eng eo o ka tlangwang ka yona?”


Delila a nka mehala e metjha, a mo tlama ka yona, yaba o re ho yena: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Banna ba laletseng ba ne ba le ka kamoreng e nngwe. Samosone a kgaola mehala e matsohong a hae jwalokaha eka ke kgwele feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ