Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 15:5 - BIBELE

5 Ha a se a hoteditse dirumola tsena, a lelekela diphokojwe tsena hara masimo a koro ya Bafilesita e eso helwe. Yaba o tjhesa koro e seng e tlamilwe mangata, le koro e esong ho helwe, esita le dirapa tsa mohlwaare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A hotetsa dirumula, mme a nehela diphokojwe dikorong tsa Bafilesta, mme a tjhesa diqubu tsa mangata le koro tse sa emeng, le masimo a mehlwaare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 15:5
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, Abosalome a re ho bahlanka ba hae: “Le a tseba hore tshimo ya Joabe e pela ya ka, mme o e jetse harese; tsamayang le yo e tjhesa!” Bahlanka ba Absalome ba tjhesa tshimo eo.


“Ha hlaha e etjha, mme e fihla meutlweng kapa qubung ya mangata, kapa korong e eso helwe, ruri ya tjhesitseng hlaha o tla lefa tshenyo eo.


Ka selemo sa bosupa o tla e tlohela e lale, bafumanehi ba setjhaba sa heno ba tle ba je; tseo ba di siileng di tle di jewe ke diphoofolo tsa naha. O tla etsa jwalo ka serapa sa hao sa morara, le ka serapa sa hao sa mehlwaare.


Samosone a tsamaya, a tshwara diphokojwe tse makgolo a mararo, a nka dirumola. A tlamahanya mehatla ya diphokojwe ka pedi, a nto tlamella serumola mehatleng e meng le e meng e mmedi, e tlamahantsweng.


Yaba Bafilesita ba re: “Ke mang ya entseng hoo?” Batho ba re: “Ke Samosone, mokgwenyana wa monna ya ahileng Timina, hobane monna eo o nkile mosadi wa Samosone a mo nea molekane wa Samosone.” Bafilesita ba nyoloha, ba tjhesa mosadi eo le ntatae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ