Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 15:18 - BIBELE

18 Samosone o ne a nyorilwe haholo, mme a ipiletsa ho Morena, a re: “Ka letsoho la mohlanka wa hao o fane ka tlholo ena e kgolohadi! Ebe jwale ke tla shwa ke lenyora? Kapa ke tla wela matsohong a maqai?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 A nyorwa haholo, mme a howeletsa ho Jehova, a re: Ha o etseditse mohlanka wa hao thuso e kalo, ho tla ba jwang leha nka shwa jwale ke lenyora, ka wela matsohong a maqai?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 15:18
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborahama a re: “Ke e entse hobane ke ne ke nahana hore sebakeng sena Modimo ha a tshajwe, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.


Letsatsi la mo tjhabela ha a feta Peniele, a ntse a hlotsa, ka baka la noka ya hae.


“Le se ke le e bolela Gate, le se e phatlalatse terateng tsa Ashekelone, esere baradi ba Bafilesita ba nyakalla, baradi ba maqai ba didietsa.


Kamora tsena Jesu, ka ho tseba hore jwale tsohle di phethahetse, a re: “Ke nyorilwe,” e le hore Mangolo a phethahale.


Ke tla reng hape? Nka haellwa ke sebaka sa ho lokodisa tsa Gideone, Barake, Samosone, Jafeta, Davida, Samuele le baporofeta.


Batswadi ba hae ba re ho yena: “Na ha ho na morwetsana hara barwetsana ba bang ka wena, kapa hara setjhaba sohle sa heso, hoo o ka ratang ho nyala mosadi hara Bafilesita baa ba maqai?” Samosone a re ho ntatae: “Nqelle yena, hobane ke mo rata haholo.”


Ha a qetile ho bua a lahla mohlaare oo, sebaka seo a se rea lebitso la Leralla la Mohlaare.


Samosone a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nkgopole, mme o ke o mmatlafatse ka lekgetlo lena le le leng feela, Modimo, e le hore ke tle ke pheteletse mahlo a ka a mabedi ka Bafilesita.”


Yaba Gideone le bahlabani ba makgolo a mararo ba neng ba ena le yena ba tshela noka ya Jorodane, ba kgathetse, empa ba ntse ba phaladisa Bamidiane.


Davida a bua ho banna ba neng ba eme pela hae, a re: “Monna ya ka bolayang Mofilesita eo, mme a tlosa sekgobo hara Baiseraele, o tla putswa kang? Mofilesita eo wa leqai yena ke mang, a ka tlakang mabotho a Modimo ya phelang?”


Mohlanka wa hao o se a ile a bolaya tau le bere. Mofilesita enwa wa leqai o tla shwa jwaloka e nngwe ya tsona, hobane o tlakile mabotho a Modimo ya phelang.”


Davida a bua ka pelo, a re: “Ka letsatsi le leng Saule o tla qetella a mpolaile. Ho molemo hore ke ipalehelle naheng ya Bafilesita, a tle a ntele, a se ke a hlola a mpatla naheng yohle ya Iseraele. Ka mokgwa o jwalo ke tla phonyoha.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ