Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 15:15 - BIBELE

15 A bona mohlaare wa tonki e sa tswa shwa, a nanabetsa letsoho, a o nka, mme ka wona a bolaya banna ba sekete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 A bona mohlahare o motala wa esele, a isa letsoho, a o tshwara, mme a bolaya batho ba sekete ka wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 15:15
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ana ke mabitso a bahale ba Davida: Ishe-Boshete wa Motakemone, e ne e le yena mookamedi wa balaodi. Ke yena ya neng a fekefe banna ba makgolo a robedi ka lerumo, a ba bolaya ka nako e le nngwe.


Le tla lelekisa dira tsa lona, mme le tla di bolaya ka sabole.


Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ba lona ba lelekise ba kete di leshome, mme le bolaye dira tsa lona ka sabole.


ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.


Monna a le mong wa lona o lelekile batho ba sekete, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng, jwalokaha a ne a le tshepise.


Yaba Samosone o re: “Ka mohlaare wa tonki ke ba entse diqubuqubu, ka mohlaare wa tonki ke bolaile banna ba le sekete.”


Ha a qetile ho bua a lahla mohlaare oo, sebaka seo a se rea lebitso la Leralla la Mohlaare.


Kamora Ehude moahlodi ya eba Shamegare, mora wa Anate, ya neng a bolaye Bafilesita ba makgolo a tsheletseng ka tsenene e potlakisang dipholo, mme le yena a namolela Baiseraele.


Jwale Jaele, mosadi wa Hebere, a nka thakgisa ya tente, a nka le noto ka letsohong, a mo nanyetsa, a kgokgothella thakgisa eo tlhafunelong ya hae, ya phunyeletsa ho ya fihla fatshe. Sisera o ne a ile le sephume sa boroko, a kgathetse. Yaba o a shwa.


Gideone a arola bahlabani ba makgolo a mararo dihlopha tse tharo. A nea monna e mong le e mong lenaka, le mopotjwana o se nang letho, haese serumola feela kahara wona.


Ena e bile polao ya pele e ileng ya etswa ke Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae. Ba bolaya banna ba ka bang mashome a mabedi, ba le sebakaneng se bonamo ba halofo ya akere.


Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ