Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 15:12 - BIBELE

12 Ba re ho yena: “Re theohetse kwano ho tla o tlama, re neelana ka wena matsohong a Bafilesita.” Samosone a re ho bona: “Ntlhapanyetseng hore lona le ke ke la mpolaya.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba re ho yena: Re theohetse kwano re tle re o tlame, re o neele matsohong a Bafilesta. Samsone a re: Ntlhapanyetseng hore le ke se ke la ntsohela matla e le lona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 15:12
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka taelo ya kgosi Solomone, Benaya, mora wa Jehoyada, a hlaba Adoniya, a mmolaya.


Yaba Benaya, mora wa Jehoyada, o a ya, o fihla a phehletsa Joabe, a mmolaya. Joabe a epelwa hahabo, pela lehwatata.


Ha ba se ba mo tlamile, ba mo kganna, ba ya mo neela mmusisi Pilato.


Jwale a hopola hore bana babo ba tla utlwisisa hore Modimo o tla ba pholosa ka letsoho la hae, empa ha ba a ka ba utlwisisa.


Yaba banna ba Juda ba dikete tse tharo ba theohela lehaheng le lefikeng la Etame, ba fihla ba re ho Samosone: “Na ha o tsebe hore re buswa ke Bafilesita? Jwale ntho ee, eo o re etseditseng yona, ke eng?” Samosone a re ho bona: “Ke ba entse seo ba nkentseng sona.”


Ba bua ho yena, ba re: “Tjhe! Feela re tla o tlama ka thata, re neelane ke wena matsohong a bona, empa ruri re ke ke ra o bolaya.” Ba mo tlama ka mehala e mmedi, e metjha, mme ba nyoloha le yena ho tloha lehaheng.


Jwale bo-Seba le Salemuna ba re ho Gideone: “A ho eme wena ka sebele, o re bolaye, hobane wena o na le matla a bonna.” Gideone a ema, a bolaya bo-Seba le Salemuna; a nka mekgabiso e neng e le melaleng ya dikamele tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ