Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 14:19 - BIBELE

19 Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, yaba o theohela Ashekelone, teng a bolaya banna ba mashome a mararo. A nka diaparo tsa bona, a nea banna ba ileng ba mmolella tlhaloso ya selotho sa hae diaparo tsa mokgabo. Kgalefo ya hae ya tlokoma, a nyolohela lapeng habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a theohela Ashkelone, a bolaela teng banna ba mashome a mararo; a ya le ntho tsa bona, mme a nea ba hlalositseng selotho sa hae diaparo tsa bona. A tlala bohale, mme a kgutlela tlung ya ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 14:19
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba morabe wa Juda ba hapa le motse wa Gasa mmoho le naha ya wona, le motse wa Ashekelone mmoho le naha ya wona, le motse wa Ekerone mmoho le naha ya wona.


Moya wa Morena wa qala ho mo susumetsa ha a le Mahaneha-Dane e pakeng tsa Sora le Eshetaole.


Ka letsatsi la bosupa, pele letsatsi le dikela, banna ba motse ba re ho yena: “Ho monate ho fetisa dinotshi ke hofe? Ho matla ho feta tau ke hofe?” Samosone a re ho bona: “Hoja le se leme ka pholo ya ka, le ka be le sa hlalosa selotho sa ka!”


Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, mme a tamolla tawana eo jwalokaha motho a ka tamolla potsanyane. O ne a sa nka letho matsohong a hae. Empa ha a ka a bolella batswadi ba hae seo a se entseng.


Ha Samosone a fihla Lehi, Bafilesita ba tla ba howeletsa, ha ba kopana le yena. Moya wa Morena wa theohela ka matla hodima Samosone. Mehala e mo tlamileng matsohong ya ka dikgwele tsa lene tse tjhesitsweng ka mollo, mme tsa tlamoloha matsohong a hae.


Moya wa Morena wa theohela hodima hae, ya eba moahlodi wa Baiseraele. A futuha, mme Morena a neelana ka Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame, matsohong a hae. Oteniele a hlola Kushane-Rashataime.


Ha Saule a utlwa mantswe ana, Moya wa Modimo wa theohela hodima hae ka matla, mme kgalefo ya hae ya tlokoma haholo.


Ana ke mathopa a mokoteng, a bopilweng ka kgauta, ao Bafilesita ba ileng ba a romela ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe: Le leng e ne e le la Ashedode, le leng e le la Gasa, le leng e le la Ashekelone, le leng e le la Gate, le leng e le la Ekerone.


Bafilesita ba boela ba botsa, ba re: “Nyehelo e tlosang sebe, eo re tla mo romela yona, e ka ba ya eng?” Yaba ba re: “E be ditshwantsho tse hlano tsa mathopa a mokoteng, tse bopilweng ka kgauta, le ditweba tse hlano tse bopilweng ka kgauta, ho latela palo ya dikgosi tsa Bafilesita, hobane lona bohle, le dikgosi tsa lona, le ile la otlwa ka sewa se tshwanang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ