Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 14:17 - BIBELE

17 A mo llela ka matsatsi a supileng a mokete, mme ka letsatsi la bosupa a mmolella tlhaloso ya sona, hobane mosadi o ne a sa mo fe tshweya. Mosadi eo a ya bolella ba habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa mosadi a nna a lla pela hae ka matsatsi a supileng a mokete wa bona, jwale ka la bosupa a mo hlalosetsa selotho, ka ho kgathatswa ke yena; mme eo a hlalosetsa bana ba setjhaba sa habo selotho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 14:17
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.


Jwale mohatsa hae a re ho yena: “Na o sa ntsane o tiiseditse ho tshepahaleng hoo ha hao? Rohaka Modimo, o tswe o eshwa!”


Ka puo tsa lehelehele lena mohlankana a ineela, ka molomo wa lona o ekang, mohlankana a hapeha.


“Maleme a sona a kobehile sa seqha, leshano ke metsu eo se fulang ka yona; hase nnete e se neang matla lefatsheng. Bokgopo se bo etsa ka ho bo hlahlamanya, athe nna ha se ntsebe le ho ntseba,” ho rialo Morena.


O se tshepe ya ahisaneng le wena, motswalle le yena o se ke wa mo tshepa; esita le ho yena mosadi wa hao, o ele hloko seo o se buang ho yena.


Ke a le bolella, leha a ke ke a tsoha ho mo fa ka baka la hobane e le motswalle wa hae, o tla mpe a tsohe a mo fe kamoo a hlokang kateng ka lebaka la qophello ya hae.


Mosadi wa Samosone a itshela ka dikgapha, a re ho yena: “Ruri o ntlhoile, ha o nthate. O lothile baheso, empa ha o eso ntlhalosetse selotho seo.” Yaba Samosone o re ho yena: “Bona mona, esita le batswadi ba ka ha ke a ka ka ba bolella. Jwale wena o re ke o bolelle?”


Ka letsatsi la bosupa, pele letsatsi le dikela, banna ba motse ba re ho yena: “Ho monate ho fetisa dinotshi ke hofe? Ho matla ho feta tau ke hofe?” Samosone a re ho bona: “Hoja le se leme ka pholo ya ka, le ka be le sa hlalosa selotho sa ka!”


Delila a re ho Samosone: “Le ho fihlela jwale o sa mphoqile, mme o sa mpoleletse leshano. Ako mpolelle hore na ke eng eo o ka tlangwang ka yona!” Samosone a re ho yena: “Ha o ka loha dithapo tse supileng tsa moriri wa ka, wa di thata ka kgwele e lohang, yaba o di kgokgothela fatshe ka thakgisa, ke tla fokola, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”


Ka tsatsi le leng le le leng a nna a pheella ho mmotsa, mme a mo qophella. Samosone a fela pelo hoo e neng eka o tla shwa.


Delila a re ho Samosone: “Ke a o kopa: Ako mpolelle hore na matla ana a hao a maholo hakana a tswa kae, le hore na o ka tlangwa ka eng ho o fokodisa!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ