Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 14:12 - BIBELE

12 Samosone a re ho bona: “Ke a le lotha. Ha le ka la ntlhalosetsa selotho sena matsatsi a supileng a mokete a eso fete, mme la se nepa, ke tla le nea dihempe tse mashome a mararo tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Samsone a re ho bona: A nke ke le beele selotho; ha le ka ntlhalosetsa sona hantle matsatsing a supileng a mokete, la se nepa, ke tla le nea diaparo tse mashome a mararo le dikobo tse mashome a mararo tsa mokete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 14:12
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bohle a ba nea diaparo tse ntjha, empa Benjamine yena a mo nea silefera e ka etsang boima ba dikilo tse tharo le halofo, le mefuta e mehlano ya diaparo tse ntjha.


Ha mofumahadi wa Sheba a utlwa kamoo Morena a tumisitseng Solomone kateng, a mo etela, ho ya mo nonya maikutlo ka dipotso tse thata.


Gehasi a re: “Ha ho molato. Monga ka o nthomile ho wena, o re: ‘Hona jwale ho tswa fihla mona ho nna bahlankana ba babedi ba sehlopha sa baporofeta, ba tswang naheng e maralla ya Efraime. Ke a o rapela: Ako ba fe silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo le metso e mene, le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle.’ ”


Kgosi ya Arame ya re: “Tsamaya, o ye hona teng, mme nna ke tla ngolla kgosi ya Iseraele.” Naamane a tsamaya a nkile silefera e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mararo le mashome a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le mefuta e leshome ya diaparo tse ntle.


Ka yona nako eo Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekwa ka matsatsi a supileng.


Molomo wa ka o tla bua tsa bohlale, pelong ya ka ke tla nahana tse nang le kelello.


a utlwisise maele le dipapiso, polelo le dilotho tsa ba bohlale.


O roka diaparo tsa lene e ntle a di rekise, le wona maqhama bahwebi ba a reka ho yena.


“Wena ngwana motho, etsa selotho, mme o phetele ba ntlo ya Iseraele papiso.


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ba ntse ba bua ka nna, ba re: ‘Na ha a ipolelle ditshwantsho feela?’ ”


Ke ka baka lena ke buang le bona ka ditshwantsho, hobane leha ba bona, ha ba bone, mme leha ba utlwa, ha ba utlwe, leha e le ho utlwisisa.


Tseo tsohle Jesu a di bolella matshwele ka ditshwantsho, mme o ne a sa a bolelle letho haese ka ditshwantsho;


Ba mo hlobodisa, ba mo apesa kobo e kgubedu,


“Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafoome di senyang, moo mashodu a thuang, a utswe;


Jwale Jesu a bolella bamemuwa setshwantsho, ha a lemoha kamoo ba kgethang tulo tse kapele kateng, a re ho bona:


Barutuwa ba hae ba re: “Bona, jwale o bua ka mokgwa o totobetseng, e seng ka papiso.


Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba.


Maruo a lona a se a bodile, le diaparo tsa lona di jelwe ke tshwele.


Ha Bafilesita ba mmona, ba romela bahlankana ba mashome a mararo ho ya hlola le yena.


Empa haeba le hlolwa ho ntlhalosetsa sona, ke lona ba tla nnea dihempe tse mashome a mararo, tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo.” Yaba ba re ho yena: “Re lothe, re ke re utlwe!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ