Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 13:3 - BIBELE

3 Lengeloi la Morena la itlhahisa ho mosadi eo, la re ho yena: “Bona, o nyopa, empa o tla emola, o belehe ngwana wa moshanyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Lengeloi la Jehova la hlahela mosadi eo, la re ho yena: Bona, o nyopa, mme ha o tswale bana; empa o tla emara, o tswale moshanyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 13:3
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla mo hlohonolofatsa, ke be ke o fe mora ka yena. Ke tla mo hlohonolofatsa; e tla ba mma ditjhaba, mme dikgosi tsa ditjhaba di tla tswa ho yena.”


Morena a re ho yena: “Ke tla boela ke o etela hape isao, ka yona nako ena, mme bona, mosadi wa hao Sara o tla be a se a ena le mora.” Sara o ne a ntse a utlwa, a eme monyakong wa tente, kamorao ho bona.


Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”


Elisha a re: “Isao, ka yona nako ena, o tla be o ena le mora.” Mosadi a re: “Wee, mong aka, moporofeta wa Modimo, se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.”


Jwale lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le eme lehlakoreng le letona la aletare ya mokubetso.


Empa lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Sakariya, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mohatsa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.


Mosadi a matha ka potlako, a ya bolella monna wa hae, a re ho yena: “Hela, monna yane ya ileng a fihla ho nna ka tsatsi lane, o boetse o itlhahisitse ho nna hape.”


Manowa a re ho lengeloi la Morena: “A re ke re o tshwarelle ho se hokae, re ke re o hlabele potsanyane.”


Yaba mosadi enwa o ya ho monna wa hae, o fihla a re: “Moromuwa wa Modimo o ile a fihla ho nna, mme tshobotsi ya hae e ne e tshwana le ya lengeloi la Modimo, e tshosa. Ha ke a ka ka mmotsa hore na o tswa kae, le yena ha a a ka a mpolella lebitso la hae.


Jwale Manowa a rapela Morena, a re: “Oho, Morena, moromuwa wa Modimo, eo o ileng wa mo roma, a ke a tle ho rona hape, ke a o kopa, a tlo re ruta seo re tla se etsa ho ngwana ya tla tswalwa.”


Jwale lengeloi la Morena la fihla Bokime, le etswa Gilegale. La fihla ho Baiseraele, la re: “Ke le nyolotse Egepeta, ke le tlisitse naheng ena eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata lona, ka re: ‘Nke ke ka roba selekane sa ka le lona le ka mohla.


Morena a retelehela ho yena, a re: “Eya ka matla ana a hao, o namolele bana ba Iseraele matsohong a Bamidiane. Na ha ke a o roma?”


Ha ho se ho fetile nako e itseng, Anna a ithwala, mme a beleha mora. A mo rea lebitso la Samuele, a re: “Ke hobane ke mo kopile ho Morena.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ