Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 13:1 - BIBELE

1 Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bafilesita ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a ba neela matsohong a Bafilesta ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 13:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na Mokushe a ka fetola lebala la hae, kapa lengau la fetola maroboko a lona? Haeba ho jwalo, le lona ba itlwaeditseng tse mpe le ka nna la tseba ho etsa tse ntle!


Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae.


Ke tla reng hape? Nka haellwa ke sebaka sa ho lokodisa tsa Gideone, Barake, Samosone, Jafeta, Davida, Samuele le baporofeta.


Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Ba sebeletsa bo-Baale, le bo-Asetarote, le medimo ya Arame, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Amone, le medimo ya Bafilesita; ba furalla Morena, ba se ke ba hlola ba mo sebeletsa.


Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, a neelana ka bona matsohong a Bafilesita, le matsohong a Baamone.


Yaba Abadone, mora wa Hilele wa Mopiratone, o a shwa. A epelwa Piratone e naheng e maralla ya Efraime, naheng ya Baamaleke.


Empa batswadi ba hae ba ne ba sa tsebe hore hona ho tswa ho Modimo, hobane a ne a batla monyetla wa ho lwantsha Bafilesita. Ka yona nako eo Bafilesita ba ne ba busa Baiseraele.


Yaba banna ba Juda ba dikete tse tharo ba theohela lehaheng le lefikeng la Etame, ba fihla ba re ho Samosone: “Na ha o tsebe hore re buswa ke Bafilesita? Jwale ntho ee, eo o re etseditseng yona, ke eng?” Samosone a re ho bona: “Ke ba entse seo ba nkentseng sona.”


Mehleng eo ya Bafilesita, Samosone ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi.


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba sebeletsa bo-Baale.


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba lebala Morena Modimo wa bona, ba sebeletsa bo-Baale le ditshwantsho tsa Ashera.


Ha Ehude a se a shwele, bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena.


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bamidiane ka dilemo tse supileng.


“Empa ba ile ba lebala Morena Modimo wa bona. Morena a neelana ka bona matsohong a Sisera, e leng molaodi wa mabotho a Hasore. A neelana ka bona le matsohong a Bafilesita, le matsohong a kgosi ya Moabe, mme bao ba ba lwantsha.


Matlafalang, lona Bafilesita, le lwane senna, le tle le se ke la ba makgoba a Baheberu, jwalokaha le bona e bile makgoba a lona. Ka baka leo, lwanang senna!”


Bafilesita ba hlolwa, mme ba se ke ba hlola ba kena naheng ya Baiseraele. Morena a lwantsha Bafilesita ka matsatsi wohle a ho phela ha Samuele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ