Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 12:8 - BIBELE

8 Kamora Jafeta, Ibesane wa Betlelehema ya eba moahlodi wa Baiseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Kamora hae, Ibtsane, wa Bethlehema, a ahlolela Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 12:8
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le naha ya Bakene, le ya Bakenase, le ya Bakadamone,


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,


Metse e ne e le Katate, le Nahalole, le Shimerone, le Jidala, le Betlelehema; e le metse e leshome le metso e mmedi, le metsana ya yona.


Kamora lefu la Abimeleke, ha hlaha Tola, mora wa Pua, setloholo sa Dodo, monna wa leloko la Isakare, a namolela Baiseraele. Tola o ne a ahile Shamire, naheng e maralla ya Efraime.


Jafeta ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse tsheletseng. Yaba Jafeta wa Mogileade o a shwa, mme a epelwa ho o mong wa metse ya Gileade.


Ibesane o ne a ena le bara ba mashome a mararo le baradi ba mashome a mararo. Baradi ba hae ba mashome a mararo ba nyalwa ke ba morabe osele, le yena a nyadisa bara ba hae barwetsana ba mashome a mararo ba morabe osele. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse supileng.


Ho ne ho ena le mohlankana wa Molevi, wa lelapa la Juda, ya tswang Betlelehema e Juda, mme a jakile moo.


Ka nako yona eo, ha Baiseraele ba ntse ba se na kgosi, Molevi e mong ya neng a jakile ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, a inkela mosadi wa lefielo motseng wa Betlelehema e Juda.


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ