Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 12:6 - BIBELE

6 ebe ba re ho yena: “Ere Shibolethe;” ebe o re “Sibolethe,” hobane a ne a sitwa ho le bitsa hantle. Jwale ebe ba a mo tshwara, mme ba mmolaele ledibohong la Jorodane. Ka yona nako eo ha bolawa ba morabe wa Efraime ba dikete tse mashome a mane a metso e mmedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ebe ba re ho yena: Bolela Shibbolethe hle; ebe o re: Sibbolethe; kahobane a sa tsebe ho bitsa lentswe leo hantle; ebe ba a mo tshwara, ba mmolaya madibohong a Jordane. Mohlang oo, ha bolawa Baefraime ba dikete tse mashome a mane a metso e mmedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 12:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nqaholle tebetebeng ya seretse, o nnamolele ho ba ntlhoileng, ke phonyohe kweetseng.


Ako mpholose Modimo, hobane metsi a a nkgama.


Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela.


Ngwanabo motho ha a kgenne o thata ho feta qhobosheane, qhobosheane e matla, diphapang tsona e ka mekwallo ya qhobosheane.


Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha, athe tsa sethoto tsona di a se timetsa;


Ka letsatsi leo, Morena o tla pola koro ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta, ebe lona bana ba Iseraele, le bokellwa ka bonngwe.


Ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, mme ha ho motse kapa lelapa le ikarolang ho itwantsha le ka tiyang.


Hamoraonyana, ba emeng moo ba tla ho Petrose, ba re: “Kannete le wena o e mong wa bona, hobane le puo ya hao e a o paka.”


A latola hape. Hamoraonyana, ba neng ba eme moo ba boela ba re ho Petrose: “Kannete o e mong wa bona, etswe o Mogalelea.”


Empa ha le lomana, mme le jana, hlokomelang, esere la timetsana.


Bagileade ba hapa madiboho a Jorodane ho thibela ba morabe wa Efraime, mme e ne e ye ere ha e mong wa ba morabe wa Efraime, ba phonyohileng, a re: “Ntumelleng ke tshele,” ebe banna ba Gileade ba re ho yena: “Na o wa morabe wa Efraime?” Ha a re: “Tjhe,”


Jafeta ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse tsheletseng. Yaba Jafeta wa Mogileade o a shwa, mme a epelwa ho o mong wa metse ya Gileade.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ